Eya jwale, taba tseo o di ngole hodima lematjana pela bona, o di ngole bukeng, di tle di bolokelwe mehla e tlang ho tla, e be pontsho ka ho sa yeng kae.
Kamora monyako le difate tsa wona o beile kgopotso ya hao; kahobane o thobile ho nna, o ineetse e mong, o kene wa atolosa ditao, mme o entse selekane le bona; o rata ditao tsa bona, o ikgethetse malao teng.
Kenyang ke hona mantswe ana ao ke le bolellang wona ka dipelong tsa lona, le meyeng ya lona, mme le a tlame ho ba pontsho matsohong a lona, mme a be jwaloka meqhaka pakeng tsa mahlo a lona.