Elia a atamela pela setjhaba sohle, a re: Le tla tenyetsehela ho le hokae ka nqa tse pedi? Ha Jehova e le Modimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng. Empa setjhaba ha se a ka sa mo araba letho.
Ke wena Jehova o nnotshi; ke wena ya entseng mahodimo, mahodimo a mahodimo le makgotla wohle a wona, lefatshe le tsohle tse ho lona, mawatle le tsohle tse ho wona; ke wena ya phedisang ntho tseo tsohle; makgotla a mahodimo a ntse a kgumama pela hao.
Le se ke la tshoha, le se tshabe! Na hase kgale ke o boleletse taba tseo, ka o tsebisa tsona na? Ke lona dipaki tsa ka! Na o teng Modimo, haese nna na? Ha ho lefika le leng; ha ke le tsebe.
A araba, a re: O tla rata Morena, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle, le ka kgopolo ya hao yohle; le wa heno, o mo rate jwalokaha o ithata.