Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 6:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke yona melao, le ditaelo, le dikahlolo, tseo Jehova, Modimo wa lona a ntaetseng ho le ruta tsona, hore le tle le etse ka tsona lefatseng leo le yang ho le rua;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 “Ena ke melao, le ditaelo, le ditemoso tseo Morena a laetseng hore le di rutwe, le tle le di phethe naheng eo le tla tshelela ho yona, hore e be ya lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 6:1
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tsena ditaelo tseo o tla di bea pela bona:


Le hlokomele tsohle tseo ke le boleletseng tsona; le se ke la ba la bolela lebitso la medimo e meng; le se ke la bolelwa ke molomo wa hao.


Ke nna Jehova, Modimo wa lona. Tsamayang ka dikomelo tsa ka, le boloke melao ya ka, le etse ka yona;


Mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona, e be modisa wa bona bohle; ba tla tsamaya ka ditaelo tsa ka, ba boloke dikomelo tsa ka, ba di etse.


Ke yona melao eo Jehova a e neileng bana ba Iseraele ka Moshe, thabeng ya Sinai.


Ke tsona ditaelo le melao eo Jehova a e laetseng bana ba Iseraele ka Moshe, mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko.


Ke ena melao le ditaelo tseo le tshwanetseng ho hlokomela ho etsa ka tsona ka matsatsi wohle a ho phela ha lona lefatsheng leo Jehova, Modimo wa bontatao, a o neang lona, hore o le rue.


Mohlang oo, ka le laela, ka re: Jehova, Modimo wa lona, o le neile naha eo, hore le e rue. Haele lona, banna bohle ba bahale, etellang banababo lona, bana ba Iseraele, pele, le hlometse.


Efela o rata ditjhaba; bakgethwa ba hae kaofela ba letsohong la hao; ba dula maotong a hao, ba amohela ditaba tsa hao.


Mme jwale, lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le rutang tsona, hore le tle le etse ka tsona, le tle le phele, mme le kene, mme le rue lefatshe leo Jehova, Modimo wa bontata lona, a le neang lona.


Mohlang oo, Jehova a ntaela hore ke le rute melao le ditaelo, hore le etse ka tsona lefatsheng leo le yang ho le rua.


Ke tsena ditemoso, le melao, le ditaelo tseo Moshe a kileng a di bolella bana ba Iseraele, ha ba se ba tswile Egepeta,


Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, kamoo Jehova, Modimo wa ka, a ntaetseng kateng, hore le tle le etse ka tsona lefatsheng leo le yang ho le rua.


Empa haele wena, dula mona, le nna ke tle ke o bolelle ditaelo tsohle, le melao, le dikahlolo tseo o tla ba ruta tsona, ba tle ba etse ka tsona lefatsheng leo ke ba neang lona ho le rua.


Le tsamaye ka mokgwa o phethehileng tseleng eo Jehova, Modimo wa lona, a le laetseng yona, le tle le phele, le be le lehlohonolo, mme le atise matsatsi a lona lefatsheng leo le yang ho le rua.


o tle o tshabe Jehova, Modimo wa hao, ka ho boloka melao ya hae yohle, le ditaelo tsa hae tsohle, tseo ke o laelang tsona, hore o di boloke, e le wena, le mora wa hao, le mora wa mora wa hao, ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hao, matsatsi a hao a tle a ngatafale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ