Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 5:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jehova o buile le lona, difahleho di tadimane, a le thabeng, hara mollo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Morena o ile a bua le rona difahleho di tadimane, a le hodima thaba, a bua a le kahara mollo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 5:4
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moshe a busetsa karabo ya setjhaba ho Jehova.


Yaba Modimo o bolela mantswe ana kaofela, wa re:


Jehova o ne a bua le Moshe ba tadimane difahleho, ka mokgwa oo motho a buang le motswalle wa hae ka wona, o ntoo kgutlela diahelong; haele mohlanka wa hae, Joshua, mora Nune, wa mohlankana, o ne a sa tlohe tenteng.


ke bua le yena ka molomo o bapileng le molomo, ka ho iponahatsa, e seng ka mokgwa wa ho lotha; o boha sefahleho sa Jehova. Ha ho le jwalo, ho ile kang ha le sa ka la tshaba ho bua hampe ka mohlanka wa ka, Moshe, na?


mme ba tla di bolella baahi ba lefatshe leo. Ba se ba utlwile hoba ke wena, Jehova, o leng hara setjhaba sena; le hoba, wena Jehova, o iponahatsa sona, mahlo a tadimane; le hoba leru la hao le ba okametse; le hoba ke wena ya ba etellang pele, motshehare topallong ya leru, le bosiu topallong ya mollo.


Ha ho a ka ha boela ha eba moporofeta Iseraeleng ya jwaloka Moshe, eo Jehova a mo tsebileng, sefahleho se tadimane le sefahleho.


Jehova a bua le lona, a le hara mollo; la na la utlwa modumo wa mantswe, le mpa le sa bone sebopeho sa hae, le utlwa lentswe feela.


Lebelang meya ya lona haholo; hobane ha le a ka la bona sebopeho leha se le seng letsatsing leo Jehova a buileng le lona Horebe, a le hara mollo;


Na se teng setjhaba se seng se utlwileng lentswe la Modimo o buang o le hara mollo, jwalokaha o le utlwile wena, sa ba sa phela na?


A le lehodimong, o ile a o utlwisa lentswe la hae hore a o rute; le lefatsheng o o bontshitse mollo wa hae o moholo, mme o utlwile mantswe a hae a etswa hara mollo.


Dipolelo tseo Jehova o di boleletse phutheho ya lona yohle, a le thabeng hara mollo, le lerung, le lefifing, ka lentswe le leholo, mme ha a ka a eketsa letho. A di ngola matlapeng a mabedi, mme a nnea wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ