Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 5:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Jehova ha a ka a etsa selekane seo le bontata rona, empa o se entse le rona bohle bao re leng mona, re sa phelang kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Morena ha a a ka a etsa selekane sena le bo-ntata rona empa o se entse le rona; rona bohle ba ntseng ba phela kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 5:3
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa selekane sa ka ke tla se tiisa le Isaaka, eo Sara a tlang ho o tswalla yena isao, wona motsotsong ona.


Ke tla tiisa selekane sa ka, se mahareng a ka le wena, le ditloholo tsa hao tse o hlahlamang ka meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng, ke be Modimo wa hao le wa leloko la hao le o hlahlamang.


e seng jwaloka selekane seo ke se entseng le bontata bona moholo, mohla ke ba tshwarang ka letsoho ho ba ntsha lefatsheng la Egepeta, e leng ba kileng ba roba selekane sa ka; athe e ne e le nna monga bona, ho bolela Jehova.


Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Nna ke ne ke entse selekane le bontata lona moholo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka, ka re:


Kannete ke re ho lona: Baporofeta ba bangata le ba lokileng ba bangata ba lakaditse ho bona tseo le di bonang, mme ha ba ka ba di bona, le ho utlwa tseo le di utlwang, mme ha ba ka ba di utlwa.


Dipolelo tsa selekane seo Jehova a laetseng Moshe ho se etsa le bana ba Iseraele, naheng ya Moabe, kantle ho selekane seo a neng a se entse le bona Horebe, ke tsena:


Bolokang ke hona ditaba tsa selekane sena, le di etse, le tle le atlehe tabeng tsohle tseo le tla di etsa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ