Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 5:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Jehova, Modimo wa rona, o entse selekane le rona Horebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 “Morena Modimo wa rona, o ile a etsa selekane le rona ha re le thabeng ya Horebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 5:2
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

bao Jehova a neng a entse selekane le bona, a ba laetse, a re: Le se ke la tshaba medimo esele, le se ke la e kgumamela, leha e le ho e sebeletsa, leha e le ho e hlabela.


Ka kgwedi ya boraro hobane bana ba Iseraele ba tswe lefatsheng la Egepeta, ka lona letsatsi leo, ba kena lefeelleng la Sinai.


Yaba Moshe o nka madi, a foka setjhaba ka wona, a re: Ke ana madi a selekane seo Jehova a se tlabotseng le lona ka baka la mantswe ana kaofela.


Jehova a araba, a re: Bona, ke hlaba selekane; ke tla etsa, pontsheng ya setjhaba sa hao kaofela, mehlolo e sa kang ya etswa kae le kae lefatsheng, leha e le tjhabeng sefe le sefe; setjhaba sohle seo o leng hara sona, se tla bona mosebetsi wa Jehova oo ke tla o sebetsa ka wena, hoba ke o tshabehang hakakang.


seo ke se laeditseng bontata lona moholo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta, seboping sa tshepe, ka re: Mamelang lentswe la ka, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona; ke hona le tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona,


e seng jwaloka selekane seo ke se entseng le bontata bona moholo, mohla ke ba tshwarang ka letsoho ho ba ntsha lefatsheng la Egepeta, e leng ba kileng ba roba selekane sa ka; athe e ne e le nna monga bona, ho bolela Jehova.


Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Nna ke ne ke entse selekane le bontata lona moholo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka, ka re:


Hopolang molao wa Moshe, mohlanka wa ka, oo ke o laeletseng Baiseraele bohle ka yena, Horebe, e leng molao le ditaelo.


Jehova, Modimo wa rona, o buile le rona re le Horebe, a re: Le dutse nako e lekaneng thabeng ena.


Dipolelo tsa selekane seo Jehova a laetseng Moshe ho se etsa le bana ba Iseraele, naheng ya Moabe, kantle ho selekane seo a neng a se entse le bona Horebe, ke tsena:


A le tsebisa selekane sa hae, seo a le laetseng hore le etse ka sona, mantswe a leshome; mme a a ngola matlapeng a mabedi.


Iponeleng, esere la lebala selekane seo Jehova, Modimo wa lona, a se entseng le lona, mme la iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho sa tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a o hanetseng le tsona.


Moshe a bitsa Baiseraele bohle, a re ho bona: Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, tsebeng tsa lona, le tle le ithute tsona, le di boloke, mme le di etse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ