Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 5:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Boloka letsatsi la phomolo ho le kgetha, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a o laetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 “ ‘Hlokomela letsatsi la Sabatha, o le halaletse, jwalokaha Morena Modimo wa hao, a o laetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 5:12
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mehleng eo, ka bona batho ba hatang dihatelong ka Sabatha naheng ya Juda, le ba thothelang mangata hae, ba a belesitse diesele; le veine, le merara, le difeiye, le mesebetsi e meng ya mefuta, ba di tlisa Jersalema ka tsatsi la Sabatha; mme ka ba kgalemela ka letsatsi leo ba rekisang dijo ka lona.


A re ho bona: Ke yona taba e boletsweng ke Jehova: Hosasane ke tsatsi la phomolo, e leng Sabatha e kgethetsweng Jehova; boo le bo apehang le bo apehe kajeno, le bese boo le bo besang; bo salang kaofela le bo beele hosasane.


Yaba moo setjhaba se phomolang ka tsatsi la bosupa.


Ako bue le bana ba Iseraele, o re: Le fele le boloke Disabatha tsa ka, hobane ke pontsho mahareng a ka le lona, melokong ya lona, e le hore le tsebe hoba ke nna Jehova ya le kgethileng.


Ka matsatsi a tsheletseng ho tla sebetswa, mme la bosupa e tla ba la Sabatha, la phomolo e kgethetsweng Jehova; mang le mang ya ka etsang mosebetsi ka tsatsi la Sabatha, a bolawe.


Haele bana ba baditjhaba ba kgomaretseng Jehova, ho mo sebeletsa le ho rata lebitso la Jehova, hore e tle e be bahlanka ba hae, bona kaofela ba bolokang sabbatha, ba tshabang ho e silafatsa, mme ba tiisetsa selekaneng sa ka,


Ha o ka thibela maoto a hao hore a se ke a senya Sabatha, wa tela mosebetsi wa hao ka letsatsi la ka le kgethehileng; ha o ka bitsa Sabatha letsatsi la thabo, letsatsi le kgethehileng la Jehova wa le bitsa kgahliso ya hao, wa le hlompha ka ho lesa ho ya ka ditsela tsa hao, le ka ho se etse mosebetsi wa hao, le ka ho se bue ditaba tsa lefeela;


Le se ke la ntsha phahlo matlung a lona ka tsatsi la Sabatha; le se ke la etsa mosebetsi leha o le mong; le mpe le kgethe letsatsi la Sabatha kamoo ke laetseng bontata lona kateng.


Jesu a re ho bona: Sabatha a entswe ka baka la motho, motho ha a etswa ka baka la Sabatha.


O tla sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, o etse mosebetsi wa hao wohle;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ