Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 4:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hobane ke sefe setjhaba se seholo seo medimo ya sona e leng haufi le sona, jwalokaha Jehova, Modimo wa rona, a le haufi le rona kamehla ha re mo bitsa?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 “Ke setjhaba sefe se teng, se seholo, se nang le Modimo ya haufi le sona, jwaloka Morena Modimo wa rona, ya bang haufi le rona, kamehla ha re ipiletsa ho yena?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 4:7
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, ke sefe setjhaba se lefatsheng se kang setjhaba sa hao sa Iseraele, seo Modimo o tlileng ho se lopolla, hore e be setjhaba sa wona sa sebele, le ho se etsetsa lebitso ka ho etsetsa sona le lefatshe la sona tse kgolo, tse tshabehang, ha o lelekile ditjhaba le medimo ya tsona pela setjhaba sa hao, seo o itopolletseng sona Egepeta!


Jehova o haufi le bohle ba mo rapelang, le bohle ba mo rapelang ka nnete.


Ha a ka a etsa jwalo bakeng sa ditjhaba tse ding kaofela, mme ha di tsebe dikahlolo tsa hae. Bokang Jehova!


O emisitse lenaka la setjhaba sa hae, a tle a roriswe ke bakgethwa ba hae kaofela, e leng bana ba Iseraele, setjhaba seo a ikatameleditseng sona. Bokang Jehova!


Ba lokileng ha ba howa, Jehova o a ba utlwa, o ba imolla matswalong a bona kaofela.


Jehova o haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meya e teteditsweng.


Modimo ke setshabelo sa rona le matla a rona, ke thuso e fetisisang ditsietsing.


Empa haele nna, ho ba haufi le Modimo, ke molemo ho nna; ke beile setshabelo sa ka ho Morena Jehova, ke tle ke tsebe ho bolela mesebetsi ya hao kaofela.


Ruri, poloko ya wona e haufi le ba o tshabang, kganya e tle e ahe naheng ya rona.


Hobane o bile thata mahlong a ka, mme ke o hlonephile, ke o ratile; ke bea batho bakeng sa hao, le ditjhaba ho lopolla bophelo ba hao.


Batlang Jehova ha a sa fumanwa, le mo rapele ha a sa le haufi.


Ha o fumane bokgopo ho Jakobo, le tse sa lokang ha o di bone ho Iseraele: Jehova, Modimo wa hae, o na le yena; ke morena wa hae, eo a mo thabelang.


Ke a mmona, ke le qhoweng ya mafika; ke a mmoha ke le hlorong ya dithaba; bonang, ke setjhaba se ahang se nnotshi, se sa balweng le ditjhaba.


e le hore ba batle Morena, mohlomong ba ke ba mo phopholetse, ba mo fumane, leha a se hole ho e mong le e mong wa rona.


mme a o hodise, o phahame ka poko, ka botumo le ka kganya ho feta ditjhaba tsohle tseo a di entseng, mme o be setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao, jwalokaha a boletse.


O lehlohonolo hakakang, Iseraele! Setjhaba ke sefe se tshwanang le wena, setjhaba se pholositsweng ke Jehova, e leng thebe ya thuso ya hao, le lerumo la boholo ba hao? Dira tsa hao di tla ikokobetsa pela hao, mme o tla hatakela nqalo tsa bona tse phahameng.


Botsa he ditaba tsa mehla ya boholoholo, tsa mohla o neng o sa ntsane o le siyo, ho qala ka tsatsi leo Modimo o neng o bope motho lefatsheng, le ho tloha pheletsong e nngwe ya mahodimo ho isa ho e nngwe, na taba e kalo e se e kile ya hlaha, kapa e jwalo e se e kile ya utlwahala na?


Hobane motho ke ofe ya utlwileng lentswe la Modimo o utlwang, o buang o le hara mollo, jwalokaha re le utlwile, mme a phela?


Atamelang Modimo, mme o tla le atamela. Baetsadibe, hatlelang, mme lona ba pelo di pedi, hlatswang dipelo tsa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ