Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 4:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Iponeleng, esere la lebala selekane seo Jehova, Modimo wa lona, a se entseng le lona, mme la iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho sa tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a o hanetseng le tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Itlhokomeleng, esere la lebala selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a se entseng le lona, yaba le iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se nang le sebopeho sa ntho efe kapa efe, eo Morena Modimo wa lona, a le hanetseng yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 4:23
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le selekane seo ke se hlabileng le lona, le se ke la se lebala, mme le se ke la tshaba medimo esele.


Le nne le hopole selekane sa hae kamehla, le lentswe leo a le laoletseng meloko e sekete;


Le hlokomele tsohle tseo ke le boleletseng tsona; le se ke la ba la bolela lebitso la medimo e meng; le se ke la bolelwa ke molomo wa hao.


Naha e sentswe ke ba ahileng ho yona, hobane ba hataketse melao, ba tlotse ditaelo, ba sentse selekane se sa feleng.


O tla nne o phaile ho isa hokae, mokwenehi? Hobane Jehova o ya bopa ntho e ntjha lefatsheng: mosadi o ya teela monna hare.


Hobane Morena Jehova o re: Ke tla o etsa kamoo o entseng kateng, wena ya nyedisitseng kano ka ho roba selekane.


Yaba ke a kena; eitse ha ke tadima, ka bona ditshwantsho tse ngata tsa dihahabi le tsa diphoofolo tse ilwang, le ditshwantsho tsohle tsa ntlo ya Iseraele di tshwantshitswe lerakong, ho le pota ka nqa tsohle.


Hopolang molao wa Moshe, mohlanka wa ka, oo ke o laeletseng Baiseraele bohle ka yena, Horebe, e leng molao le ditaelo.


Tjellane eo e rokilweng, etlere ha le e tadima, le hopole ditaelo tsohle tsa Jehova, le di etse; le ke ke la batla tsa boithatelo ba dipelo tsa lona le ba mahlo a lona, kamoo bo ntseng bo le febisa kateng;


Jesu a ba araba, a re: Iponeleng, le tle le se ke la thetswa ke motho.


A eketsa a re ho bona: Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ya leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tswa bongateng ba dintho tseo a di ruileng, leha di mo atetse haholo.


A re: Iponeleng, le tle le se ke la thetswa; hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste, nako e atametse. Empa le se ke la ba latela.


Leha e le setshwantsho, o se ke wa iketsetsa sona, hobane Jehova, Modimo wa hao, o hloile ntho tseo.


Ho rohakwe motho ya etsang setshwantsho se betlilweng, kapa se tsholotsweng, e leng ntho e manyala ho Jehova, mosebetsi wa matsoho a sebetli, mme a se bea nqalong e itseng e sephiri! Mme setjhaba sohle se tla dumela, se re: Amen!


Moshe le baprista ba Balevi ba bolella Baiseraele bohle, ba re: Iseraele, kgutsa, mme o mamele: Kajeno, o entswe setjhaba sa Jehova, Modimo wa hao.


Ho tla thwe: Ke kahobane ba lahlile selekane sa Jehova, Modimo wa bontata bona, seo a neng a se entse le bona, mohla a ba ntshang naheng ya Egepeta.


Hobane ke ya isa setjhaba sena lefatsheng le kollang lebese le dinotshi, leo ke anetseng bontata bona hore ke tla ba nea lona; etlare ha ba jele ba kgotse, ba nonne, ba tla kgelohela ho medimo esele, ba e sebeletse; ba tla nkgesa, ba tla tlola selekane sa ka.


Etlare hobane o tswale bana le ditloholo, ha e se e le kgale le ahile lefatsheng leo, ekare ha le ka itshenya, la etsa setshwantsho se betlilweng, kapa setshwantsho sa eng le eng, mme la etsa tse mpe pela Jehova, Modimo wa hao, la mo halefisa,


Feela, iponele, mme o lebele moya wa hao haholo, o tle o se ke wa lebala ditaba tseo mahlo a hao a di boneng, mme di se ke tsa tswa pelong ya hao le ka letsatsi le le leng la ho phela ha hao. Hape, o di phetele bana ba hao le bana ba bana ba hao.


Jehova, Modimo wa rona, o entse selekane le rona Horebe.


o iponele hore o se lebale Jehova ya o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


Banabeso, iponeleng, esebe e mong ho lona a ka ba le pelo e mpe ya ho se dumele, e mo lahlisang Modimo o phelang;


Iponeleng hantle ke hona, mme le rate Jehova, Modimo wa lona.


Ha le ka tlola selekane seo Jehova, Modimo wa lona, a le laetseng sona, la ya sebeletsa medimo esele, la inama pela yona, mohlang oo bohale ba Jehova bo tla le tukela, le tle le timele kapele lefatsheng lena le molemo leo a le fileng lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ