Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 4:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Letsatsing leo o neng o itlhahise Horebe pela Jehova, Modimo wa hao, Jehova o ne a itse ho nna: Mphuthele setjhaba, ke tle ke se utlwise mantswe a ka, hore ba tle ba ithute ho ntshaba ka matsatsi wohle a ho phela ha bona lefatsheng, mme ba rute bana ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Mohla le neng le eme kapele ho Morena Modimo wa lona, Horebe, Morena a re ho nna: ‘Nkgobokanyetse setjhaba, ke tle ke etse hore se mamele dipolelo tsa ka, e le hore se tle se ithute ho ntshaba ka matsatsi wohle a ho phela ha sona lefatsheng, le hore se tle se rute bana ba sona.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 4:10
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.


Leloko le leng a le ke le bolelle leloko le hlahlamang mesebetsi ya hao, le tumise diketso tsa hao tse phahameng!


Ka kgwedi ya boraro hobane bana ba Iseraele ba tswe lefatsheng la Egepeta, ka lona letsatsi leo, ba kena lefeelleng la Sinai.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho setjhaba, o se hlwekise kajeno le hosasane: ba hlatswe diaparo tsa bona. Ba itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka tsatsi la boraro Jehova o tla theohela hodima thaba ya Sinai, mahlong a setjhaba kaofela.


Ka tsatsi la boraro, ha bo esa, diaduma tsa eba teng, le mahadima, mme leru le letenya la eba hodima thaba, le modumo wa terompeta o matla ka ho fetisisa; mme setjhaba kaofela se neng se le diahelong sa thothomela.


Moshe a busetsa karabo ya setjhaba ho Jehova.


Setjhaba sohle se ne se tadimile se utlwa diaduma, le mahadima, le modumo wa terompeta, le thaba e ntse e kubella mosi; setjhaba eitse ha se bona tseo, sa thothomela, sa ikemela hole.


Moshe a re ho setjhaba: Se tshoheng, feela ke Modimo o tlileng ho le leka, hore le nne le o tshabe, le tle le se ke la etsa sebe.


Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tshaba Modimo, o boloke ditaelo tsa wona, hobane, ke yona tshwanelo yohle ya motho;


Empa ba phelang, ba phelang, ke bona ba o bokang, jwalokaha ke etsa kajeno; ntata motho o tla phetela bana ba hae tsa botshepehi ba hao!


mohau wa hae o melokong ya meloko ya ba mo tshabang.


Le a rute bana ba lona, o bue ka wona ha o dutse tlung ya hao, leha o tsamaya tseleng, leha o robala, leha o tsoha borokong.


Ke ena melao le ditaelo tseo le tshwanetseng ho hlokomela ho etsa ka tsona ka matsatsi wohle a ho phela ha lona lefatsheng leo Jehova, Modimo wa bontatao, a o neang lona, hore o le rue.


O je pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo a tla ikgethela yona ho bea lebitso la hae teng, karolo ya leshome ya koro ya hao, le ya veine e ntjha ya hao, le ya ole ya hao, le matsibolo a dikgomo le a dinku tsa hao, o tle o ithute ho tshaba Jehova, Modimo wa hao, kamehla.


Buka eo e dule ho yena, a e bale ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, a tle a ithute ho tshaba Jehova, Modimo wa hae, le ho boloka ditaba tsohle tsa molao ona, le tsa taelo tsena, mme a etse ka tsona.


Feela, iponele, mme o lebele moya wa hao haholo, o tle o se ke wa lebala ditaba tseo mahlo a hao a di boneng, mme di se ke tsa tswa pelong ya hao le ka letsatsi le le leng la ho phela ha hao. Hape, o di phetele bana ba hao le bana ba bana ba hao.


Jehova, Modimo wa rona, o entse selekane le rona Horebe.


Oho! hoja ba ka ba le pelo e jwalo kamehla, ya ho ntshaba, le ya ho boloka ditaelo tsa ka tsohle kamehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona, le bana ba bona, ka ho sa feleng!


o tle o tshabe Jehova, Modimo wa hao, ka ho boloka melao ya hae yohle, le ditaelo tsa hae tsohle, tseo ke o laelang tsona, hore o di boloke, e le wena, le mora wa hao, le mora wa mora wa hao, ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hao, matsatsi a hao a tle a ngatafale.


O tle o di rute bana ba hao, mme o bue ka tsona, ha o dutse tlung ya hao, leha o le tseleng o tsamaya, leha o ya robala, leha o tsoha.


Iponeleng, le se ke la nyedisa ya buang le lona; hobane ba nyedisitseng ya neng a bua le bona a le lefatsheng, ha ba sa ka ba phonyoha, haholoholo rona re ka phonyoha jwang ha re furalla ya buang le rona a le mahodimong?


Lentswe la tswa teroneng, la re: Bokang Modimo wa rona, lona bohle bahlanka ba wona, le lona ba o tshabang, ba baholo le ba banyenyane.


Felang le tshabe Jehova, le mo sebeletse ka nnete le ka pelo tsohle tsa lona; hobane le tshwanetse ho lemoha tse kgolohadi tseo a le etseditseng tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ