Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 32:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Lona mahodimo, sekehang ditsebe, mme ke tla bua; le wena lefatshe, mamela mantswe a molomo wa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 “Sekehang tsebe, lona mahodimo, mme ke tla bua; lefatshe le ke le utlwe polelo tsa molomo wa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 32:1
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mamelang ditaba tsena, lona ditjhaba kaofela; le sekehe ditsebe, lona batho bohle ba ahileng lefatsheng:


O bitsa mahodimo a hodimo le lefatshe, hore di tle kahlolong ya setjhaba sa wona, o re:


Mahodimo, mamelang! wena, lefatshe, sekeha tsebe; hobane Jehova o a bua; o re: Ke fepile bana, ke ba hodisitse, empa ba ikgantsheditse nna.


Atamelang, lona ditjhaba, le tle le utlwe; lona batho, le mamele! Lefatshe, a le ke le mamele, le tse ho lona kaofela, lefatse le tse tswang ho lona kaofela!


Lona mahodimo, hlong le makale ka taba eo, le thothomele, le omelle hampe: ho bolela Jehova!


Hela lefatshe, lefatshe, lefatshe, mamela lentswe la Jehova!


Wena lefatshe, mamela! Bonang, ke ya tlisetsa setjhaba sena kotsi, e leng tholwana ya mehopolo ya sona, hobane ha ba ka ba mamela mantswe a ka, mme ba nyedisitse molao wa ka.


Kajeno, ke bitsa lehodimo le lefatshe hore e be dipaki ho lona. Ke beile pela hao bophelo le lefu, lehlohonolo le thohako. Ikgethele bophelo o tle o phele, wena, le ditloholo tsa hao;


Jwale he, le ingolleng sefela sena, mme o se rute bana ba Iseraele, o se bee melomong ya bona hore sefela sena e tle e be paki ya ka ho bana ba Iseraele.


Mphutheleng baholo bohle ba meloko ya lona, le bahlahlobi ba lona, mme ke tla ba bolella ditaba tsena, ba tle ba di utlwe; mme ke tla bitsa lehodimo le lefatshe ho ba dipaki ho bona.


Moshe a bolella phutheho yohle ya Baiseraele mantswe a sefela sena, a ba a a qeta kaofela.


kajeno ke le biletsa lehodimo le lefatshe hore e be dipaki tsa hore le tla timela, le timele kapele lefatsheng leo le tla kena ho lona ka ho tshela Jordane, ho ya le rua. Le ke ke la atisa ditshiu tsa lona teng, empa le tla timeletswa ruri.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ