Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 3:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ra e neela anathema, jwalokaha re ne re entse ka Sihone, morena wa Heshbone; ra neela metse yohle hammoho le banna le basadi le bana anathema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Ra e ripitla ho hang, jwalokaha re ile ra etsa ho Sihone, kgosi ya Heshebone, moo re ileng ra ripitla metse e nang le baahi, ra bolaya banna, le basadi, le bana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 3:6
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Baiseraele ba ikana ho Jehova, ba re: Ha o neela setjhaba seo matsohong a rona, re tla neela metse ya bona anathema.


Ke ha a sa tswa bolaya Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone, le Oge, morena wa Bashane, ya neng a ahile Ashtarothe le Edrei.


Tlohang, le tsamaye, mme le tshele nokana ya Arnone. Bona, ke neetse Sihone, morena wa Heshbone, le Maomore, le naha ya hae, matsohong a hao. Qala ho hapa naha eo, mme o mo lwantshe.


Motsotsong oo, ra hapa metse yohle ya hae, ra e neela anathema, le banna, le basadi, le bana, re se ke ra tlohela le a mong ya phonyohang.


Ha le a ka la ja bohobe, ha le a ka la nwa veine, leha e le tse bodila, le tle le tsebe hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Jehova a re ho nna: Se mo tshabe, hobane ke mo neetse matsohong a hao, yena le setjhaba sa hae kaofela, le naha ya hae, o tle o etse ka yena kamoo o entseng kateng ka Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone.


Metse eo yohle e ne e teetswe hare ke marako a malelele, e na le menyako le mekwallo, ho sa balwe metse e mengatangata e se nang marako.


Bana ba Iseraele ba ikgapela mesebetsi yohle e metseng eo, le makgomo; haele batho bohle, bona ba ba bolaya ka bohale ba lerumo, ba ba timetsa, ba se ke ba siya motho le a mong a phela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ