Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 3:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Metse eo yohle e ne e teetswe hare ke marako a malelele, e na le menyako le mekwallo, ho sa balwe metse e mengatangata e se nang marako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Metse ena yohle e ne e sireleditswe ka marako a phahameng; e ena le dikgoro, le mekwallo, ntle ho metse e meng e mengata e neng e hloka marako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 3:5
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba nka metse e marako le naha e nonneng, ba rua matlo a tletseng menono ya mefuta yohle, le didiba tse tjhekilweng, le merara, le mehlwaare, le difate tse ngata tse beang ditholwana; ba eja, ba kgora, ba nona, mme ba phela menyakeng yohle ka baka la molemo wa hao o moholo.


Ke ka baka leo Bajuda ba naheng, ba ahileng metseng e se nang marako, ba etsang letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Adare letsatsi la thabo le la monyaka, le letsatsi le mokete, leo ho romelanwang dimpho ka lona.


Empa feela, batho ba ahileng naheng eo ke dinatla, mme metse ya teng e haheleditswe ka marako, mme e meholo haholo; esita le bana ba Anake re bile ra ba bona teng.


Re tla nyolohela kae? Banababo rona ba re nyahamisitse dipelo, ha ba itse: Ke setjhaba se re fetang ka bongata le ka boemo bo bolelele; ke metse e meholo e haheleditseng ka marako a fihlang lehodimong; re bone bana ba Anake teng.


Motsotsong oo, ra nka metse yohle ya hae; ha ho motse oo re sa kang ra o hapa; ra nka metse e mashome a tsheletseng, naha yohle ya Argobe, ke ho re, mmuso wa Oge, morena wa Bashane.


Ra e neela anathema, jwalokaha re ne re entse ka Sihone, morena wa Heshbone; ra neela metse yohle hammoho le banna le basadi le bana anathema.


Ka tumelo, marako a Jeriko a wele, hobane a potolohuwe ka matsatsi a supileng.


Haele ditweba tsa kgauta, tsa eba ka ka bongata ba metse yohle ya Bafilesta e buswang ke marena a mahlano, ha ho bolelwa metse e marako, le metsana e naheng, ho ya fihla lefikeng le leholo, moo ba kileng ba bea areka ya Jehova teng; le kajeno le sa le teng tshimong ya Joshua wa Bethe-Shemeshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ