23 Mohlang oo, ka rapela Jehova ka re:
23 “Yaba ke rapela Morena ka yona nako eo, ke re:
Jehova a re ho Moshe: Nyolohela thabeng eo ya Abarime, mme o tadime lefatshe leo ke le neileng bana ba Iseraele.
Le se ke la e tshaba, hobane Jehova, Modimo wa lona, o tla le lwanela e le yena.
Morena Jehova, o se o qadile ho bontsha mohlanka wa hao boholo ba hao le letsoho la hao le matla. Hobane modimo ke ofe mahodimong le lefatsheng, o ka etsang mesebetsi le diketso tse phahameng jwaloka tsena tsa hao?