Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba re a kgutla, ra nyoloha ka tsela ya Bashane. Oge, morena wa Bashane, a tswa le setjhaba sa hae kaofela, a tla re kgahlanyetsa Edrei ka ntwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 “Jwale ra thinya, ra nyoloha ka tsela e yang Bashane. Oge, kgosi ya Bashane, a tswa a ena le setjhaba sa hae sohle, a re futuhela, a re lwantshetsa pela Ederei.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 3:1
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ke Gebere, mora Uri, naheng ya Gileade, e leng naha ya Sihone, morena wa Baamore, le ya Oge, morena wa Bashane; ho ne ho se tona e nngwe naheng eo haese yena a nnotshi.


Wa ba fa le mebuso le ditjhaba, mme wa ba arolela tsona ka dikoto; ba rua lefatshe la Sihone morena wa Heshbone, le lefatshe la Oge, morena wa Bashane.


Le Oge, morena wa Bashane: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Ke ha a sa tswa bolaya Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone, le Oge, morena wa Bashane, ya neng a ahile Ashtarothe le Edrei.


Yaba Sihone o tswa le setjhaba sa hae, a re kgahlanyetsa Jahatse ka ntwa.


Eitse mohla le fihlang nqalong ena, Sihone, morena wa Heshbone, le Oge, morena wa Bashane, ba ile ba tswa, ba tla ho re lwantsha, empa ra ba bolaya;


Jehova a re ho nna: Se mo tshabe, hobane ke mo neetse matsohong a hao, yena le setjhaba sa hae kaofela, le naha ya hae, o tle o etse ka yena kamoo o entseng kateng ka Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone.


Jehova o tla etsa ka ditjhaba tseo jwalokaha a entse ka Sihone le ka Oge, marena a Baamore, le ka naha ya bona, kamoo a ba fedisitseng kateng.


Ba hapa naha ya hae le naha ya Oge, morena wa Bashane, e leng marena a mabedi a Baamore a neng a ahile mose o kwana ho Jordane, nqa botjhabatsatsi.


Ke ana marena a lefatshe la Kanana, ao bana ba Iseraele ba a hlotseng, ba ruileng naha tsa wona mose wane wa Jordane, ka nqa botjhabatsatsi, ho tloha nokeng ya Arnone, ho isa thabeng ya Hermone, hammoho le lehwatata lohle nqa botjhabatsatsi.


Ba rua le naha ya Oge morena wa Bashane, ya neng a setse wa Baefraime ba ahileng Ashtarothe le Edrei;


Naha ya bona ke ho tloha Mahanaime, Bashane kaofela, mmuso wohle wa Oge, morena wa Bashane, le metsana yohle ya Jaire, e Bashane; ke metse e mashome a tsheletseng;


le tsohle tseo a di entseng ho marena a mabedi a Baamore, a mose wane wa Jordane, e leng Sihone, morena wa Heshbone, le Oge, morena wa Bashane, ya neng a le Ashtarothe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ