Deuteronoma 27:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)3 mme o tla ngola ho wona dipolelo tsohle tsa molao ona, ha o sa tswa tshela ho ya kena lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi, jwalokaha Jehova, Modimo wa bontatao, a o baletse. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE3 Ha le se le tshetse le ngole mantswe wohle a molao ona hodima majwe ao, e le hore le tle le kene naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona; e leng naha e phallang lebese le mahe a a dinotshi, jwalokaha Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le tshepisitse. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Hobane bana ba Iseraele ba ne ba tsamaile ka dilemo tse mashome a mane feelleng, letshwele lohle la bahlabani ba tswileng Egepeta la ba la fela, kahobane ba ne ba sa ka ba utlwa lentswe la Jehova; ke bona bao Jehova a neng a ba hlapanyeditse, a re, a ke ke a ba bontsha lefatshe leo Jehova a le abetseng bontata bona ka kano, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi.