Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 27:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Etlere mohla le tshelang Jordane ho kena naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o fang yona, o ke o ikemisetse majwe a maholo, o a tlotse ka kalaka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Mohla letsatsi leo ka lona le tshelang Jorodane, le kenang naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, le hlome majwe a maholo, le a dile ka phepa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 27:2
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ke a ngolwe ka tshepe e betlang le ka loto lefikeng ka ho sa feleng.


Ke tla ba nea pelo e le nngwe, ke be ke bee moya o motjha kahare ho bona; ke tla ntsha pelo ya lejwe nameng ya bona, mme ke ba nee pelo ya nama;


Ke tla le nea pelo e ntjha, ke kenye moya o motjha kahare ho lona; ke tla tlosa pelo ya lejwe nameng ya lona, ke le nee pelo ya nama.


Hobane le se le ya tshela Jordane ho ya rua lefatshe leo Jehova, Modimo wa lona, a le neang lona; le tla le rua, le ahe ho lona.


Etlare hobane o kene lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona, ho ba lefa la hao, ha o se o le ruile, o ahile ho lona,


Moshe le baholo ba Iseraele, ba laela setjhaba, ba re: Bolokang ditaelo tsohle tseo ke le laelang tsona kajeno.


mme o tla ngola ho wona dipolelo tsohle tsa molao ona, ha o sa tswa tshela ho ya kena lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi, jwalokaha Jehova, Modimo wa bontatao, a o baletse.


Etlare hobane le tshele Jordane, le tla emisa majwe ao thabeng ya Ebale, kamoo ke le laetseng kateng kajeno, o a tlotse ka kalaka.


Ke yona melao, le ditaelo, le dikahlolo, tseo Jehova, Modimo wa lona a ntaetseng ho le ruta tsona, hore le tle le etse ka tsona lefatseng leo le yang ho le rua;


Iseraele, mamela! Kajeno o tla tshela Jordane ho ya rua ditjhaba tse o fetisang ka bongata le ka matla, le metse e meholo e nang le marako a malelele ho isa lehodimong.


Fetang hara diahelo, le laele setjhaba, le re: Itokisetseng mefaho, hobane matsatsi a sa tla ba mararo, le ntoo tshela Jordane ena, ho ya rua lefatshe leo Jehova, Modimo wa lona, a le neileng lona ho le rua.


Setjhaba kaofela hobane se qetelle ho tshela Jordane, Jehova a bolella Joshua, a re:


Yaba Joshua o hahela Jehova, Modimo wa Iseraele, aletare, thabeng ya Ebale.


Jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a laetse bana ba Iseraele, kamoo ho ngodilweng kateng bukeng ya molao wa Moshe; e ne e le aletare ya majwe a sa kang a thuhwa, ao tshepe e neng e sa ka ya fihliswa ho wona; hodima yona ba hlabela Jehova ditjheso; ba mo hlabela le mahlabelo a teboho.


A boela a pheta a ngola molao wa Moshe majweng ao, a o ngola pontsheng ya bana ba Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ