Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 26:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jehova a re ntsha Egepeta ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, ka letsoso le leholo, ka dipontsho le ka mehlolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Morena a re ntsha naheng ya Egepeta ka matla a hae a maholo, le ka letsoho le otlolohileng, le ka ditshoso tse kgolo, le ka dipontsho, le ka mehlolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 26:8
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bana ba Iseraele ba tloha Ramsese, ba ya Sukkothe, e le banna ba maoto ba dikete tse makgolo a tsheletseng, kantle ho bana.


Qetellong ya dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo, ka lona tsatsi leo, makgotla kaofela a Jehova a tswa naheng ya Egepeta.


Ka lona tsatsi leo, Jehova a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka makgotla a bona.


Moshe a re ho setjhaba: Elellwang letsatsi lena leo le tswileng ka lona Egepeta, tlung ya bohlanka, hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla; le se ke la ja se lomositsweng ka lona.


Ka baka lena, e reng ho bana ba Iseraele: Ke nna Jehova, ke tla le jarolla boima ba Baegepeta, ke le lwele ditlamong tsa bona, ke le lopolle ka letsoho le otlolohileng, le ka dikahlolo tse kgolo.


ya neng a ema ho le letona la Moshe, a ba tsamaisa ka letsoho le kganyang la hae, a arola metsi pela bona, a tle a iketsetse lebitso le tumileng ka ho sa feleng;


O ntshitse setjhaba sa hao sa Iseraele lefatsheng la Egepeta ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka seatla se matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka botshabeho bo boholo.


Ha ho e mong ya ileng a tshwana le yena ka dipontsho tsohle, le mehlolo eo Jehova a mo romileng ho e etsa naheng ya Egepeta, ho Faro, le ho bahlanka ba hae kaofela, le ho naha ya hae yohle;


le ka tsohle tseo a di entseng ka letsoho le matla, le ka letsoso lohle le leholo leo Moshe a le hlahisitseng pontsheng ya Baiseraele bohle.


Kapa a o teng Modimo o mong o kileng wa leka ho tla inkela setjhaba ka hara setjhaba se seng, ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka matsoso a maholo, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le etseditse tsohle tse jwalo Egepeta, pela mahlo a lona na?


O hopole hobane o bile mofo fatsheng la Egepeta, le hobane Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitse teng ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng; ke ka baka leo, Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho boloka letsatsi la phomolo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ