Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 26:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Teng o tla bolela, o re pela Jehova, Modimo wa hao: Ntate e ne e le Moarame wa mosepedi; o ne a theohele Egepeta, a ahella teng a ena le batho ba seng bakaenyana; a fetoha teng setjhaba se seholo, se matla, se atileng haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Jwale wena o tla bua o le kapele ho Morena Modimo wa hao, o re: ‘Ntate e ne e le Moarame wa moleleri, a theohela Egepeta, a jaka teng le batho ba mmalwana. Empa ha a se a le moo ya eba setjhaba se seholo, se matla, se sengata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 26:5
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, mme ke tla hodisa lebitso la hao, mme o tla fetohela ba bang lehlohonolo.


o mpe o ye lefatsheng la heso, le ho ba heso, o nkele mora wa ka Isaaka mosadi teng.


Isaaka o ne a na le dilemo tse mashome a mane ha a nyala Rebeka, moradi wa Bethuele, Moarame wa Paddan-Arame, kgaitsedi ya Labane, Moarame.


Esau a hloya Jakobo ka baka la hlohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona, mme Esau a re ka pelong ya hae: Ditshiu tsa bofifi ba ntate di haufi, ke tla bolaya moena ka, Jakobo.


Yaba Isaaka o fa Jakobo tsela; eo a ya Paddan-Arame, ho Labane, mora Bethuele, Moarame, kgaitsedi ya Rebeka, mmae a Jakobo le Esau.


Jakobo a thobela Labane Moarame jwalo, a se ke a mo tsebisa ha a tloha.


Empa Modimo wa tla ho Labane, Moarame, torong ya bosiu, wa re ho yena: O itemohele, o se ke wa bua le Jakobo leha e le hantle, leha e le hampe.


Ka etsa jwalo, ke qetwa ke letsatsi motshehare, le ke serame bosiu, boroko bo le siyo mahlong a ka.


Le nkeng le tjhelete e nngwe hape matsohong a lona, le tjhelete e kgutliseditsweng melomong ya mekotla ya lona le e kgutliseng; ekaba e ne e le kgakang.


Ke tla o otla teng, hobane dilemo tsa tlala di sa tla di le hlano; hore o se ke wa fumaneha wena le ntlo ya hao, le ba leng ho wena kaofela.


Modimo o nthomile kapele ho lona ho le boloka lefatsheng, le ho le pholosa ka pholoso e kgolo.


Bara ba Josefa, bao a ba tswaletseng naheng ya Egepeta, ba ne ba le babedi. Batho kaofela ba ntlo ya Jakobo ba neng ba tle Egepeta ba ne ba le mashome a supileng.


Yaba Iseraele o aha lefatsheng la Egepeta, naheng ya Goshene, mme ba rua teng, ba ata, ba ngatafala haholoholo.


Ba ba ba re ho Faro: Re tlile ho jaka naheng ena, hobane ha ho makgulo a mehlape ya bahlanka ba hao, ka hoba tlala e kgolo naheng ya Kanana, mme re a o rapela jwale, hore bahlanka ba hao ba ke ba ahe naheng ya Goshene.


Empa ba tswatswile ba ba tuba, ya eba hona moo ba atang, ba ngatafalang; mme ba teneha ke bana ba Iseraele.


Batho bohle ba tswileng lethekeng la Jakobo e ne e le batho ba mashome a supileng; haele Josefa, o ne a se a le Egepeta.


Mme bana ba Iseraele ba ata, ba ngatafala, ba anafala, ba natlafala haholoholo, mme naha ya Egepeta ya tlala bona.


Jakobo o ne a balehele naheng ya Siria; Iseraele a sebelletsa mosadi; ho rua mosadi a iketsa modisa.


Ka moporofeta Jehova o ntshitse Iseraele Egepeta, le ka moporofeta Iseraele o kile a bolokwa.


Jwale, Jakobo a theohela Egepeta, moo a shwetseng teng le bontata rona.


Jehova, Modimo wa lona, o le atisitse, mme ke mona kajeno le le ka ka dinaledi tsa lehodimo ka bongata.


Bontatao ba ne ba theohetse Egepeta, ba le mashome a supileng, mme jwale Jehova, Modimo wa hao, o o atisitse, o bile o o entse bongata bo ka ka dinaledi tsa lehodimo.


Moprista o tla nka seroto matsohong a hao a se bee pela aletare ya Jehova, Modimo wa hao.


Hase kahobane le fetisa ditjhaba tse ding ka bongata Jehova a le ratileng, a le kgethileng; hobane le setjhaba se senyenyane ho ditjhaba tsohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ