Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 26:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O tla ya ho moprista ya tla ba teng mohlang oo, o re ho yena: Ke bolela kajeno pela Jehova, Modimo wa hao, hore ke kene lefatsheng leo Jehova a anetseng bontata rona hore o tla re fa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 O tla ya ho eo e leng moprista ka nako eo, o re ho yena: ‘Kajeno ke bolela ho Morena Modimo wa ka, hore ke fihlile naheng eo Morena a neng a hlapanyetse bo-ntata rona hore o tla re nea yona.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 26:3
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme lefatshe la bojaki ba hao, lefatshe lohle la Kanana, ke le nea wena le ditloholo tsa hao tse kamora hao, le le rue ka ho sa feleng, mme ke tla ba Modimo wa bona.


Dula naheng ena, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane dinaha tsena kaofela ke tla di nea wena le ditloholo tsa hao, ke tiise kano eo ke e anetseng Abrahama, ntatao.


Bonang, ke beile lefatshe pela lona; kenang, mme le rue lefatshe leo Jehova a anetseng bontata lona, Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla le nea bona le ditloholo tsa bona kamora bona.


batho ba babedi ba nang le nyewe hammoho, ba tla hlaha pela Jehova, pela baprista le baahlodi ba leng teng mehleng eo;


o tla nka dilopotsiya tsa tsohle tse behwang ke lefatshe, e leng tseo o di fumanang naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o fang yona o di bee serotong, o ye le tsona nqalong eo Jehova, Modimo wa hao a tla e kgetha, ho bea lebitso la hae ho yona.


Moprista o tla nka seroto matsohong a hao a se bee pela aletare ya Jehova, Modimo wa hao.


mme erekaha re ena le moprista wa rona e moholo, ya beilweng tlung ya Modimo,


Ka baka leo, a re hlahiseng kamehla ho Modimo ka yena sehlabelo sa poko, e leng tholwana ya melomo e bolelang lebitso la hae.


Efela ho ne ho tshwaneleha hoba re be le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya se nang letheba, ya kahosele ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho fetisa lehodimo;


le lona, le ke le hahuwe le le majwe a phelang, ho etsa ntlo ya Moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a natefelang Modimo ka Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ