Deuteronoma 26:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)2 o tla nka dilopotsiya tsa tsohle tse behwang ke lefatshe, e leng tseo o di fumanang naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o fang yona o di bee serotong, o ye le tsona nqalong eo Jehova, Modimo wa hao a tla e kgetha, ho bea lebitso la hae ho yona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE2 o tla nka dilopotsiya tsa ditholwana tsohle tse tswang mobung wa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona. O di kenye ka serotong, ebe o ya sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Tsatsing leo, ha bewa bahlahlobi ho hlahloba dikamore tsa mediko ya dikabelo tse kgethilweng, le ya dilopotsiya, le ya dikarolo tsa leshome, ba tle ba bokellele teng dikabelo tse tswang metseng e kamathoko, tse newang baprista le Balevi ke molao; hobane thabo e ne e le teng Juda, kahobane baprista le Balevi ba boetse ba eme pela Modimo.
Hobane thabeng ya ka e halalelang, thabeng e phahameng ya Iseraele, ho bolela Morena Jehova, bohle ba ntlo ya Iseraele, e leng bohle ba leng naheng ya bona, ba tla ntshebeletsa teng; hona teng, ke tla kgahlwa ke bona; teng ke tla botsa dikabelo tsa lona tse tsokotswang le dilopotsiya tseo le tla di tlisa tsa ntho tsohle tsa lona tse halalelang.