Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 26:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Etlare hobane o kene lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona, ho ba lefa la hao, ha o se o le ruile, o ahile ho lona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 “Ha le se le fihlile naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le lefa, hore e be ya lona; le se le ahile ho yona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 26:1
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlere ha le fihlile naheng eo ke le isang ho yona,


Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare ha le kene lefatsheng la kaho ya lona, leo ke tlang ho le nea lona,


Ekare ha ho hlaha ha eno moporofeta, kapa molori wa ditoro, ya o tsebisang pontsho, kapa mohlolo,


o mpe o mmolaye ruri; letsoho la hao e be lona le emang pele hodima hae ho mmolaya, e ntoo ba matsoho a setjhaba kaofela.


Etlare hobane o kene naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o neang yona, ha o se o e ruile, o ahile ho yona, leha o ka re: Ke tla ipeela morena jwaloka ditjhaba tsohle tse nteetseng hare;


Etlare hobane o kene lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona, o ke ke wa ithuta ho etsa ka manyala a ditjhaba tsa teng.


hore madi a se nang molato a se ke a tshollwa lefatsheng la hao, leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona ho le rua, mme molato wa madi o be siyo ho wena.


O tla lokisa ditsela, mme o tla arola dinaha tsa lefatshe leo Jehova o a fang lona ho le rua, o etse dikarolo tse tharo, hore mmolai e mong le e mong a balehele teng.


Ka baka leo, etlere hobane Jehova, Modimo wa hao, a o nee phomolo ka ho fedisa dira tsa hao kaofela tse o teetseng hare, lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona ho ba lefa le ruwang ke wena, o hlakole lebitso la Baamaleke tlasa lehodimo. O se ke wa ba lebala.


o tla nka dilopotsiya tsa tsohle tse behwang ke lefatshe, e leng tseo o di fumanang naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o fang yona o di bee serotong, o ye le tsona nqalong eo Jehova, Modimo wa hao a tla e kgetha, ho bea lebitso la hae ho yona.


Empa Jehova a nkgalefela ka baka la lona, mme a hlapanya hore nke ke ka tshela Jordane, leha e le ho kena lefatsheng le molemo leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona e be lefa la hao.


Empa haele wena, dula mona, le nna ke tle ke o bolelle ditaelo tsohle, le melao, le dikahlolo tseo o tla ba ruta tsona, ba tle ba etse ka tsona lefatsheng leo ke ba neang lona ho le rua.


Etlere ha Jehova, Modimo wa hao, a se a o kentse lefatsheng leo o yang ho le rua, mme a se a faladitse ditjhaba tse ngata pela hao, Bahethe, le Bagirgashe, le Baamore, le Bakanana, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse, tjhaba tse supileng tse o fetang ka bongata le ka matla,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ