Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 24:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Etlare hobane mosadi a tswe tlung ya hae, o tla ikela, a be le tokelo ya ho nyalwa ke monna e mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Mosadi eo o tla tswa lapeng la monna eo, mme a ka nyalwa ke monna e mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 24:2
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba se ke ba nyala mosadi wa mohlolohadi, kapa mosadi ya hladilweng; ba mpe ba nyale barwetsana ba lesika la ntlo ya Iseraele, kapa mosadi wa mohlolohadi e bileng mohlolohadi wa moprista.


A se ke a nyala mohlolohadi, leha e le mosadi ya hladilweng, kapa ya tlotlolotsweng, kapa seotswa; empa o tla ikgethela morwetsana ya esong ho tsebe monna hara setjhaba sa habo.


Ba se ke ba nyala seotswa, leha e le mosadi ya tlotlolotsweng, ba se ke ba nyala le mosadi ya hladilweng ke monna wa hae, hobane ba kgethetswe Modimo wa bona.


Empa ekare ha moradi wa moprista e le mohlolohadi, kapa ya hladilweng, a se na bana, mme a kgutlela tlung ya ntatae ho dula teng jwaloka botjheng ba hae, o tla ja dijo tsa ntatae; empa ha ho moditjhaba ya tlang ho di ja.


Boikano ba mosadi wa mohlolohadi, kapa ba ya hladilweng, le tsohle tseo a itlamileng ka tsona, di tla tiya bakeng sa hae.


Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, o mmea hore a fetohe mofebi; mme e mong le e mong ya nyalang mosadi ya hladilweng, o a feba.


A re ho bona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, mme a nyala e mong, o a mo feba.


Empa ekare ha ya sa dumelang a hlala ya dumetseng, a mo hlale; moena rona wa monna, kapa wa mosadi, ha a tlangwa ditabeng tse jwalo; empa Modimo o re bileditse ho tsa kgotso.


Etlere motho ha a nkile mosadi, a mo nyetse, ha a sa kgahliswe ke yena, kahobane a fumane taba e mpe ho yena, a ke a mo ngolle lengolo la tlhalo, a le bee letsohong la mosadi eo, mme a mo kgutlise tlung ya hae.


Ha monna eo wa morao a mo hloya, mme a mo ngolla lengolo la tlhalo, a mo nea lona letsohong la hae, mme a mo kgutlisa tlung ya hae; kapa leha mohlomong ho eshwa monna ya mo nkileng morao ho mo etsa mosadi wa hae;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ