Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 22:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O se ke wa jala peo tsa mefuta tshimong ya hao ya morara, esere ho beha ha tseo o di jadileng, le ho beha ha morara, tsa o senyehela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 “O se ke wa jala mefuta e mmedi ya dipeo tshimong ya hao ya morara, esere kotulo yohle ya seo o se jetseng, le ditholwana tsohle tsa morara, tsa o phonyoha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 22:9
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bolokang melao ya ka. O se ka wa hwedisana diphoofolo tsa hao tse seng tsa mofuta o le mong. O se ke wa jala tshimo ya hao ka dipeo tsa mefuta e mmedi, mme o se ke wa apara diaparo tse lohilweng ka ditshwele tsa mefuta e mmedi.


Ha ho motho ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi: hobane kapa o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.


Ha ho motho ya ka beang setsiba se setjha seaparong se tsofetseng, hobane setsiba se kenntsweng se ka hahola seaparo, sa eketsa taboho.


Mme haele ka mohau, ha e sa le ka mesebetsi; hobane hola ke ka mesebetsi, mohau e ka be e se mohau; mme hola ke ka mesebetsi, e ka be e sa hlole e le ka mohau, hobane hoja ha ho jwalo, mosebetsi e ka be e sa hlole e eba mosebetsi.


Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.


Empa ke tshohile, esere mohlomong, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona, le ya lona mehopolo e ka senyeha, ya timellwa ke nnete e ho Kreste.


Etlere ha o haha ntlo e ntjha, o tle o etse lehora le potang marulelo a hao, esere mohlomong ntlo ya hlahelwa ke molato wa madi a motho ya leng hodima yona, a wela fatshe.


Molomong o le mong ho tswa poko le thohako! Banabeso, taba ha di a tshwanela ho dula jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ