Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 22:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Etlere ha o bona kgomo ya ngwaneno, kapa nku ya hae, di lahlehile, o se ke wa di fapoha, o mpe o di busetse ho ngwaneno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 “E se ke yare ha o bona pholo ya motho e mong, kapa nku ya hae e lahleha, yaba o iphapanyetsa yona. Ruri eka kgona o e kgutlisetse ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 22:1
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lopolla ba iswang lefung, o se ke wa lesa ho pholosa ba bolawang.


O se ke wa furalla motswalle wa hao, leha e le motswalle wa ntatao; mme o lese ho ya ha ngwaneno mohla o leng tsietsing. Eo le ahisaneng hammoho le yena o feta ngwaneno ya leng hole.


Ya sitsang bafumanehi a ke ke a hloka; haele ya itutubatsang mahlo, ho tla ata dithohako ho yena.


Na hase hore o abele ya lapileng bohobe ba hao, o amohele mofutsana ya twailang tlung ha hao na? Leha o bona motho ya hlobotseng, o mo apese, o se ke wa ipata pela ngwaneno.


Ke tshepile Jehova ya patetseng ntlo ya Jakobo sefahleho sa hae; ke beile tshepo ya ka ho yena.


Ke tla batla e lahlehileng, ke late e kgelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang; empa ke tla timetsa e nonneng le e matla; ke tla di disa ka ho loka.


Dinku tse tepeletseng ha le di natlafatse; e kulang ha le e phekole; le e leqeba ha le e tlamelle; ha le late e kgelohileng, leha e le ho batla e lahlehileng; le mpa le di busa ka thata le ka sehlooho.


Ekare ha baahi ba naha ba sa re letho ka ketso ya motho ya neetseng Moloke e mong wa bana ba hae, mme ba sa mmolaye,


leha e le ka ho latola ntho eo a e thotseng, e neng e lahlehile, kapa ka ho hlapanya ka leshano hodima ntho efe le efe eo ho ka thweng ke sebe;


Ho ne ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ahlolang ka kahlolo ya nnete, le etse ka mohau le ka lereko, e mong le e mong ho ngwanabo;


le mpe le ye dinkung tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.


A mpa a araba, a re: Ha ke a romelwa ho motho, haese ho dinku tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.


Hobane ho ngodilwe molaong wa Moshe, ho thwe: O se ke wa thiba molomo wa kgomo, ha e pola. Hleka le re, Modimo ha o rialo, ke ho hlokomela dikgomo na?


Ekare ha ngwaneno a sa aha haufi le wena, mohlomong o sa mo tsebe, o di tlise hae, di dule ho wena, ngwaneno a be a tle ho di batla, e be moo o di busetsang ho yena.


Hobane le ne le le jwaloka dinku tse lahlehileng; empa jwale, le boetse ho eo e leng modisa le molebedi wa meya ya lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ