Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 20:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 hobane Jehova, Modimo wa lona, o tsamaya le lona ho le lwantshetsa dira tsa lona, le ho le namolela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona ho ya le lwanela, le ho le hlolela dira tsa lona, le ho le pholosa.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 20:4
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Etlare ha o utlwa modumo wa diqi dintlheng tsa difate tsa monokotswai, o ke o ba lwantshe, hobane etlaba Modimo o se o o eteletse pele ho ya qhala makgotla a Bafilesta.


Bonang hle, Modimo o na le rona, o re eteletse pele le baprista ba tshwereng diterompeta tse tlerolang tsa ho le letsetsa. Oho, bana ba Iseraele, le se ka la lwantsha Jehova, Modimo wa bontata lona, hobane le ke ke la atleha.


Jehova o tla le lwanela; haele lona, ikgutsetseng.


Tjhe! Empa nthong tseo tsohle, re hlola ka ho fetisisa ka ya re ratileng.


Jehova, Modimo wa lona, ya le eteletseng pele, yena ka sebele o tla le lwanela, jwalokaha a se a entse pontsheng ya lona Egepeta,


Ha ho ka ke ha eba motho ya emang pela lona; Jehova, Modimo wa lona, o tla kenya letsoso la lona le tshabo ya lona naheng yohle eo le tla e hata ka maoto a lona, jwalokaha a le boleletse.


Le se ke la e tshaba, hobane Jehova, Modimo wa lona, o tla le lwanela e le yena.


Ipheng matla, mme le tiye dipelo; se tshabeng, mme le se ke la ba tshoha, hobane Jehova, Modimo wa hao, ke yena ya tsamayang le wena; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o lahla.


Motho a le mong o ne a tla phallela ba sekete jwang, mme ba babedi ba ne ba tla lelekisa ba dikete tse leshome jwang, hojane Lefika la bona le sa ka la rekisa ka bona, le hojane Jehova a sa ka a ba lahla?


Ha ba ntse ba baleha pela Baiseraele, ba le motheong wa Bethe-Horone, Jehova a ba dihela majwe a matonana a tswang lehodimong ho ya fihla Aseke, ba eshwa ke wona, mme ba shweleng ke majwe ao a sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke marumo a bana ba Iseraele.


Marena ao wohle le mafatshe a wona Joshua a a hapa kaofela ka nako e le nngwe, hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a lwanela Baiseraele.


Monna a le mong wa lona o lelekile ba sekete se seng, hobane Jehova, Modimo wa lona, ke yena ya le lwanelang, jwalokaha a le baletse.


Jehova a namolela Iseraele jwalo tsatsing leo; ntwa yona ya fetela pele, ho ya fihla Bethe-Avene.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ