Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 2:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jehova a re ho nna: O se ke wa qala Bamoabe, mme o se ke wa ba lwantsha, hobane ha nka ke ka o nea letho naheng ya bona; kahobane ke neile bana ba Lota Are, hore e be lefa la bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 “Yaba Morena o re ho nna: ‘Le se ke la futuhela Moabe, le se ke la mo qholotsa hore a lwane. Nke ke ka le nea naha ya hae, hore e be ya lona, hobane Are ke e neile bana ba Lota hore e be ya bona.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 2:9
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bona jwale, bana ba Ammone le Bamoabe le ba thaba ya Seire, e leng bao a sa kang wa dumella Baiseraele ho kena ha bona, mohla ba tswang lefatsheng la Egepeta, ba mpa ba ba fapoha, mme ba se ke ba ba timetsa,


Baassiria le bona ba ikopantse le bona, ba adimile bana ba Lota matsoho a bona. (Sela.)


Boporofeta hodima Moabe: Are-Moabe o patetswe bosiu; o fedile;


Vahebe wa Sufa, le dinokana tsa Arnone, le ho phalla ha dinokana ho lebileng nqa Are, ho isa moeding wa Moabe.


Hobane ho tswile mollo Heshbone, le lelakabe motseng wa Sihone; le tjhesitse Are-Moabe le marena a diphahameng tsa Arnone.


Moabe a re ho baholo ba Midiane: Bongata boo bo ya qeta tsohle tse ka mathoko ho rona, jwaloka dikgomo ha di fula botala ba naha. Mohlang oo, Balake, mora Tsippore, e ne e le yena morena wa Moabe.


O nketsetse jwalokaha bana ba Esau ba ahileng Seire ba nketseditse, le jwaloka Bamoabe ba ahileng Are, ke be ke tshele Jordane, ke fihle lefatsheng leo Jehova, Modimo wa rona, a re neang lona.


le se ke la qabana le bona, hobane ha nka ke ka le nea letho naheng ya bona, leha e le sebaka se ka ka se ka hatwang ke leoto; hobane ke neile Esau thaba ye Seire, e be lefa la hae.


a re ho yena: Ho itswe ke Jafeta: Baiseraele ha ba ka ba nka naha ya Moabe, leha e le naha ya bana ba Ammone.


Ha ba le teng, Baiseraele ba romela morena wa Edomo manqosa, ba re: Ako re fe sebaka sa ho feta ka naha ya hao. Morena wa Edomo a mpa a hana. Ka mokgwa o jwalo, Baiseraele ba romela morena wa Moabe manqosa, mme le yena a hana. Yaba Baiseraele ba ema Kadeshe.


Ba ntoo tsamaya feelleng, ba pota naha ya Edomo le naha ya Moabe, ba fihla ka nqa botjhabela ho naha ya Moabe, mme ba emisa mose wane wa Arnone, ba se ke ba tlola moedi wa Moabe, etswe Arnone e le moedi wa Moabi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ