Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 2:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hobane Jehova, Modimo wa hao, o o hlohonolofaditse mesebetsing yohle ya matsoho a hao; o lemohile ho tsamaya ha hao lefeelleng leno le leholo; e se e le dilemo tse mashome a mane Jehova, Modimo wa hao, a leng ho wena, mme ha o a ka wa hloka letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 “Morena Modimo wa lona, o le hlohonolofaditse mesebetsing yohle eo le e etsang. O ile a le hlokomela leetong la lona hara lehwatata lena le leholo. Ka dilemo tsena tse mashome a mane, Morena Modimo wa lona, o bile le lona, mme ha le a ka la hloka letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 2:7
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, mme ke tla hodisa lebitso la hao, mme o tla fetohela ba bang lehlohonolo.


Jehova o hlohonolofaditse mong a ka haholo, ebile ke motho e moholo, mme o mo neile manku le makgomo, le silefera, le kgauta, le bahlanka ba batona le ba batshehadi, le dikamele le diesele.


Isaaka a lema naheng eo, a kotula ha lekgolo ka selemo seo; mme Jehova a mo fa lehlohonolo.


Labane a re ho yena: A nke ke fumane mohau mahlong a hao, hobane ke lemohile hoba Jehova o ntlhohonolofaditse ka baka la hao.


Monga hae a bona hoba Jehova o na le yena, le hoba tsohle tseo a di etsang Jehova o mo atlisetsa tsona letsohong la hae.


Ha a se a mo entse molaodi wa ntlo ya hae le wa tsohle tseo a nang le tsona, Jehova a hlohonolofatsa ntlo ya Moegepeta ka baka la Josefa, mme lehlohonolo la Josefa la eba ho tsohle tseo a nang le tsona ka tlung le naheng.


Ka dilemo tse mashome a mane, o nnile wa ba otla feelleng; ha ba ka ba hloka letho; diaparo tsa bona ha di a ka tsa senyeha, le maoto a bona ha a ka a ruruha.


Athe o tseba tsela ya ka; le hoja o ka nteka, ke ne ke tla tswa ke hlwekile jwaloka kgauta.


Hobane Jehova o tseba tsela ya ba lokileng, empa tsela ya bakgopo e fella tshenyehong.


Ba nnile ba solla feelleng, nahathothe, ba sa fumane motse wa ho aha;


Ke tla ithabisa, ke ithabisetse mohaung wa hao; ka baka la hobane o lemohile bomadimabe ba ka, o qamakisitse matswalo a moya wa ka,


Mme mohau wa Jehova. Modimo wa rona, o be ho rona! Mosebetsi wa matsoho a rona, o re tiiselletse wona; e, mosebetsi wa matsoho a rona o o tiise.


Bana ba Iseraele ba ne ba je manna ka dilemo tse mashome a mane, ho fihlela ba kena naheng eo batho ba leng teng ho yona; ba eja manna ho isa ha ba fihla moeding wa lefatshe la Kanana.


Nna, ke o tsebile feelleng, fatsheng le omileng.


Hape, ke nna ke neng ke le ntshe lefatsheng la Egepeta, ka le tsamaisa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, le tle le rue naha ya Baamore;


Ka selemo sa bobedi sa ho tloha ha bona lefatsheng la Egepeta, ka tsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, Jehova a bua le Moshe, lefeelleng la Sinai, ka tenteng ya pokano, a re:


bana ba lona ba tla alosa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, ba ntse ba jara moputso wa bootswa ba lona, ditopo tsa lona di be di felle feelleng kaofela ha tsona.


Jwalokaha le qetile matsatsi a mashome a mane le hlwela naha, ka mokgwa o jwalo le tla jara kotlo ya makgopo a lona ka dilemo tse mashome a mane, selemo se le seng se eme bakeng sa tsatsi le le leng; mme le tla tseba hore na ke ntho e jwang ha le furaletswe ke nna.


Modimo wa re ho Balaame: O ke ke wa ya le bona, mme o ke ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonolofaditswe.


Bohale ba Jehova ba tukela Iseraele; a ba dikadikisa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, ha ba ha timela moloko wohle wa bao ba neng ba entse bobe pela mahlo a Jehova.


Yaba o re ho bona: Mohla ke neng ke le romile le se na mokotlana wa ditjhelete, le mokotla wa tsela, le dieta, na le kile la hloka ho hong na? Ba re: Ha ho letho leo re kileng ra le hloka.


Dinku tsa ka di utlwa lentswe la ka; ke a di tseba, mme di a ntatela.


Eitse ha re tloha Horebe, ra tsamaya le nahathothe yane kaofela e kgolo, e tshabehang, eo le e boneng, ra ya ka tsela ya thaba ya Baamore, jwalokaha Jehova, Modimo wa rona, a ne a re laetse, mme ra fihla Kadeshe-Barnea.


Ke ha le tla hlola Kadeshe tshiu tse ngata, e leng tshiu tseo le nnileng la di hlola teng.


Haele dilemo tseo re nnileng ra tsamaya ka tsona, ho tloha Kadeshe-Barnea, ho isa tsatsing leo re tshetseng nokana ya Serede ka lona, ya eba dilemo tse mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi, mofuta wohle wa bana ba ntwa o be o fele diahelong, kamoo Jehova a neng a ba hlapanyeditse kateng.


Le tla reka ho bona ka tjhelete dijo tseo le tla di ja; le tla ba lefa ka tjhelete bakeng sa metsi ao le tla a nwa.


Empa ho fihlela letsatsi la kajeno, Jehova ha a ka a le nea pelo tse utlwisisang, le mahlo a bonang, le ditsebe tse utlwang.


Ke le tsamaisitse feelleng ka dilemo tse mashome a mane; diaparo tsa lona ha di a ka tsa senyeha ho lona, le dieta tsa hao ha di a ka tsa haraswana maotong a hao.


Hobane bana ba Iseraele ba ne ba tsamaile ka dilemo tse mashome a mane feelleng, letshwele lohle la bahlabani ba tswileng Egepeta la ba la fela, kahobane ba ne ba sa ka ba utlwa lentswe la Jehova; ke bona bao Jehova a neng a ba hlapanyeditse, a re, a ke ke a ba bontsha lefatshe leo Jehova a le abetseng bontata bona ka kano, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ