Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 2:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 O laele setjhaba, o re: Le a feta meeding ya banababo lona, bana ba Esau ba ahileng Seire, mme ba tla le tshaba. Iponeleng haholo ke hona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Laela setjhaba, o re: Le lekgatheng la ho feta meeding ya bana babo lona, bana ba Esau, ba ahileng Seire. Ba tla le tshoha; ka baka leo, itlhokomeleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 2:4
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a re ho yena: Ditjhaba tse pedi di ka popelong ya hao; mefuta e mmedi e tla ikarohanya e etswa maleng a hao, setjhaba se tla hlola setjhaba se seng, mme e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.


Yaba Esau o ya aha thabeng ya Seire. Esau ke yena Edomo.


Mahosana a Edomo a kile a tlakasela, dinatla tsa Moabe di bolailwe ke matswalo, baahi bohle ba Kanana ba qhibilihile.


Tshoho le masisapelo di ba wetse hodimo; boholo jwa letsoho la hao bo ba fetotse dimumu jwaloka majwe; ho fihlela tjhaba sa hao se tshela, Jehova, ho fihlela tjhaba se tshela, setjhaba seo o se namoletseng.


Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi ya lona e molemo, mme ba rorise Ntata lona ya mahodimong.


A eketsa a re ho bona: Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ya leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tswa bongateng ba dintho tseo a di ruileng, leha di mo atetse haholo.


Ha ho le jwalo, iponeleng hore le tsamaye ka kelello, e seng jwaloka mawatla, e mpe e be jwaloka ba bohlale.


Le potolohile thaba ena nako e lekaneng; lebang nqa leboya.


O se ke wa hloya Moedomo, hobane ke ngwaneno; o se ke wa hloya Moegepeta, hobane o ne o le mojaki naheng ya hae.


le tle le hloke sekodi le letheba, le be bana ba Modimo, ba sa nyatseheng hara moloko o senyehileng, o kgopo, oo le kganyang hara wona jwaloka masedi lefatsheng, le ntse le phahamisitse lentswe la bophelo;


Tsamayang ka bohlale pela ba kantle, le ntse le lopolla dinako.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ