Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 2:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Motsotsong oo, ra hapa metse yohle ya hae, ra e neela anathema, le banna, le basadi, le bana, re se ke ra tlohela le a mong ya phonyohang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

34 Ka yona nako eo ra hapa metse ya hae yohle, mme motse o mong le o mong o nang le baahi ra o ripitla ho hang, ra bolaya banna, le basadi, le bana, ra se ke ra siya le ya mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 2:34
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ra e neela anathema, jwalokaha re ne re entse ka Sihone, morena wa Heshbone; ra neela metse yohle hammoho le banna le basadi le bana anathema.


ha Jehova, Modimo wa hao, a se a di neetse matsohong a hao, mme o di qhadile, o ke o di neele anathema; o se ke wa etsa selekane le tsona, mme o se ke wa di qenehela.


O se ke wa kenya ntho e manyala tlung ya hao, esere mohlomong wa neelwa anathema jwaloka ntho eo; e tshabe haholo, mme o e ile haholo, hobane ke anathema.


Tsatsing leo, Joshua a kena Makkeda, mme a bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, a timetsa le morena wa teng le batho bohle ba teng; ha a ka a siya motho le a mong teng; a etsa ho morena wa Makkeda jwalokaha a ne a entse ho morena wa Jeriko.


Joshua a hlola fatshe leo lohle jwalo, le dithaba, le naha e ka nqa borwa, le mahwatata, le maralla, le marena wohle a teng; ha a ka a siya motho le a mong, a mpa a timetsa bohle ba phelang, jwalokaha Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.


Bana ba Iseraele ba ikgapela mesebetsi yohle e metseng eo, le makgomo; haele batho bohle, bona ba ba bolaya ka bohale ba lerumo, ba ba timetsa, ba se ke ba siya motho le a mong a phela.


Ba etsa ntho tsohle tse motseng anathema, banna le basadi, bana le maqheku, le makgomo, le manku, le diesele; ba di timetsa ka bohale ba lerumo.


Baiseraele ba entse sebe; ba tlotse selekane sa ka seo ke ba laetseng sona; ba nkile tsa tse entsweng anathema; ba utswitse, hape ba patile, hapehape ba kentse dintho tseo diphahlong tsa bona.


Ba fetola Joshua, ba re: Ka baka la hobane bahlanka ba hao ba ne ba boleletswe haholo kamoo Jehova, Modimo wa hao, a laetseng mohlanka wa hae Moshe kateng, hore le neelwe lefatshe lohle, mme le timetse pela lona bohle ba ahileng lefatsheng lena; ke kahoo re tshabaneng haholo le bophelo ba rona, ka ho le tshaba, mme ra etsa jwalo.


Eya jwale, o bolaye Baamaleke, mme o neele tsohle tsa bona anathema; o se ke wa ba hauhela, o mpe o bolaye banna le basadi, bana le ba anyang, le dikgomo, le dinku, le dikamele, le diesele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ