Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 2:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Empa Sihone, morena wa Heshbone, a hana ho re nea sebaka sa ho feta ha hae; hobane Jehova, Modimo wa hao, o ne a thatafaditse moya wa hae, a sataladitse le pelo ya hae, hore a mo neele matsohong a hao, jwalokaha ho le jwalo kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 “Empa Sihone, kgosi ya Heshebone, a se ke a re dumella ho feta naheng ya hae, hobane Morena Modimo wa rona, o ne a ile a thatafatsa moya wa hae, a etsa hore pelo ya hae e be manganga, e le hore a tle a neelane ka yena matsohong a lona, jwalokaha ho etsahetse kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 2:30
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a hana jwalo ho mamela setjhaba; ya eba taba e hlahisitsweng ke Jehova, hore a tle a phethe taba ya hae, eo Jehova a e boleletseng Jeroboame, mora Nebathe ka Akija wa Silo.


Ha ho le jwalo, morena ha a ka a mamela setjhaba; hoo empa ho ne ho hlahisitswe ke Modimo, hore Jehova a tle a phethisise lentswe leo a neng a le buile ka Akija wa Silo ho Jeroboame, mora Nebathe.


Moshe le Aarone ba ne ba entse mehlolo eo kaofela pela Faro, empa Jehova o na a thatafaditse pelo ya Faro, mme ha a ka a lesela bana ba Iseraele hore ba tswe naheng ya hae.


Jehova a re ho Moshe: Ha o ntse o tsamaya, o boela Egepeta, o lemohe mehlolo yohle eo ke e beileng letsohong la hao, o tle o e etse pela Faro, empa nna ke tla thatafatsa pelo ya hae, hore a se ke a lokolla setjhaba, hore se tsamaye.


Jehova a re ho Moshe: Pelo ya Faro e thatafetse, o hana ho lokolla setjhaba.


Kahobane ke tsebile hoba o thata, le hobane molala wa hao o jwaloka tshepe, le hobane o na le phatla ya koporo;


O ba nee pelo e thatathata, thohako ya hao e be ho bona.


Empa Sihone ha a ka a dumella Iseraele ho feta ka naha ya hae; empa a bokella setjhaba sa hae kaofela, a ya kgahlanyetsa Iseraele feelleng. A tla Jahatse, a lwantsha Iseraele teng.


Hamorao, ba kgutla, mme ba nyoloha ka tsela ya Bashane. Yaba Oge, morena wa Bashane, o a tswa, a ba kgahlanyetsa ho ba lwantsha Edrei, a ena le batho ba hae kaofela.


Yaba Jehova o re ho Moshe: O se ke wa mo tshaba; hobane ke mo neetse matsohong a hao, yena le setjhaba sa hae kaofela, le naha ya hae; o tla mo etsa jwalokaha o entse Sihone, morena wa Baamore ya neng a ahile Heshbone.


Yaba Jehova o re ho nna: Bona, ke qadile ho neela Sihone le naha ya hae matsohong a hao. Qala ho hapa naha ya hae, o e rue.


Empa Sihone ha a ka a dumella Baiseraele ho tlola moedi wa hae, Sihone a mpa a phutha setjhaba sa hae kaofela, ba ya emisa Jahatse, mme ba lwantsha Baiseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ