Deuteronoma 2:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)20 [Le yona naha eo e ne e tumile, ka ho re, ke naha ya Barefaime; mohla monene Barefaime ba ne ba ahile ho yona; empa Baammone ba ne ba re, ke Basamsummime. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE20 Naha ena e ne e bitswa ya Refaime, hobane ka nako e fetileng Barefaime ba ne ba ahile ho yona, empa Baamone bona ba ne ba ba ba bitsa Basamasume. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
[Hobane Oge, morena wa Bashane, o ne a setse a nnotshi wa mofuta wa Barefaime. Ha ke re, malao a hae, e leng malao a tshepe a ntse a le Rabba, motseng wa bana ba Ammone? Bolelele ba wona ke ditswe tse robileng mono o le mong, mme bophara ba wona ke ditswe tse nne, ha ho lekanngwe ka setswe sa motho.]