Ba tloha teng, ba ya emisa mose wane wa Aarone, e leng noka e phallang feelleng ha e etswa naheng ya Baamore; hobane Arnone ke moedi wa Moabe, mahareng a Moabe le Baamore.
Empa Sihone ha a ka a dumella Iseraele ho feta ka naha ya hae; empa a bokella setjhaba sa hae kaofela, a ya kgahlanyetsa Iseraele feelleng. A tla Jahatse, a lwantsha Iseraele teng.
Jehova a re ho nna: O se ke wa qala Bamoabe, mme o se ke wa ba lwantsha, hobane ha nka ke ka o nea letho naheng ya bona; kahobane ke neile bana ba Lota Are, hore e be lefa la bona.
Ba ntoo tsamaya feelleng, ba pota naha ya Edomo le naha ya Moabe, ba fihla ka nqa botjhabela ho naha ya Moabe, mme ba emisa mose wane wa Arnone, ba se ke ba tlola moedi wa Moabe, etswe Arnone e le moedi wa Moabi.