Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 2:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Haele dilemo tseo re nnileng ra tsamaya ka tsona, ho tloha Kadeshe-Barnea, ho isa tsatsing leo re tshetseng nokana ya Serede ka lona, ya eba dilemo tse mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi, mofuta wohle wa bana ba ntwa o be o fele diahelong, kamoo Jehova a neng a ba hlapanyeditse kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 “Dilemo tseo re di nkileng ho tloha Kadeshe-Barenea, ho fihlela re tshela nokana ya Serede, e bile mashome a mararo a metso e robedi. Bahlabani bohle ba moloko oo, ba ne ba se ba shwele, jwalokaha Morena a ne a ile a ba hlapanyetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 2:14
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, a emisa letsoho la hae, a hlapanya, a re o tla ba diha feelleng,


O re fe thabo e lekaneng le matsatsi ao o re hlomoditseng ka wona, le dilemo tseo re boneng ditlokotsi ka tsona!


O kgutlisetsa batho leroleng, mme o re: Kgutlelang, lona, bana ba batho!


Hobane matsatsi a rona a ikela pela bohale ba hao, re fellwa ke dilemo tsa rona jwalokaha re fellwa ke kgopolo.


Ke moo ke hlapantseng bohaleng ba ka, ka re: Ba ke ke ba ba ba kena phomolong ya ka!


Feela, ka ba emisetsa letsoho la ka nahathothe, ka re: Ha nka ke ka ba isa naheng eo ke ba neileng yona, e kollang lebese le dinotshi, e leng e ntlentle hara dinaha tsohle;


Ka selemo sa bobedi sa ho tloha ha bona lefatsheng la Egepeta, ka tsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, Jehova a bua le Moshe, lefeelleng la Sinai, ka tenteng ya pokano, a re:


Ba fihla, ba ya ho Moshe le Aarone, le ho phutheho yohle ya bana ba Iseraele lefeelleng la Parane, ka nqa Kadeshe, mme ba ba behela bona le phutheho yohle ditaba, ba ba bontsha ditholwana tsa naha.


Batho bana ba tswileng Egepeta, ho qala ka ya nang le dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo, ba ke ke ba bona naha eo ke hlapantseng, ka re, ke tla e nea Abrahama le Isaaka le Jakobo; hobane ha ba ka ba nkgomarela hantle;


Empa Modimo ha o a ka wa kgahliswa ke ba bangata hara bona, haele moo ba rapaladitswe feelleng.


Eitse ha re tloha Horebe, ra tsamaya le nahathothe yane kaofela e kgolo, e tshabehang, eo le e boneng, ra ya ka tsela ya thaba ya Baamore, jwalokaha Jehova, Modimo wa rona, a ne a re laetse, mme ra fihla Kadeshe-Barnea.


Ho tloha Horebe, ho ya fihla Kadeshe-Barnea, ka tsela ya thaba ya Seire, ke matsatsi a leshome le motso o mong.


Ke ha le tla hlola Kadeshe tshiu tse ngata, e leng tshiu tseo le nnileng la di hlola teng.


Emang jwale, mme le tshele nokana ya Serede. Mme ra tshela nokana ya Serede.


Eitse hobane banna bohle ba ntwa ba timele setjhabeng,


Hobane Jehova, Modimo wa hao, o o hlohonolofaditse mesebetsing yohle ya matsoho a hao; o lemohile ho tsamaya ha hao lefeelleng leno le leholo; e se e le dilemo tse mashome a mane Jehova, Modimo wa hao, a leng ho wena, mme ha o a ka wa hloka letho.


Ba mpa ba howeletsa ho Jehova, mme a kenya lefifi mahareng a lona le Baegepeta; a ba apesa ka lewatle, a ba kgurumetsa, mme mahlo a lona a bone seo ke se entseng ho Baegepeta, la ntoo tla la hlola matsatsi a mangata lefeelleng.


Taba ke ena eo Joshua a ba boloditseng ka baka la yona: Batho kaofela ba neng ba tswile Egepeta, ba batona, banna ba ntwa kaofela, ba ne ba timetse tseleng hara nahathothe, ha ba se ba tswile Egepeta.


Hobane bana ba Iseraele ba ne ba tsamaile ka dilemo tse mashome a mane feelleng, letshwele lohle la bahlabani ba tswileng Egepeta la ba la fela, kahobane ba ne ba sa ka ba utlwa lentswe la Jehova; ke bona bao Jehova a neng a ba hlapanyeditse, a re, a ke ke a ba bontsha lefatshe leo Jehova a le abetseng bontata bona ka kano, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi.


Ke rata ho le hopotsa taba eo le seng le e tseba, ke hoba Morena, hobane a lwele setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o fedisitse ba sa kang ba dumela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ