Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 2:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Le bona ba ne ba tumile, ho thwe, ke Barefaime (diqhobane), jwaloka Baanake; empa Bamoabe ba ne ba ba bitsa Baemime.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Le bona, jwaloka Baanake, ba ne ba bitswa Barefaime, empa Bamoabe ba ne ba ba bitsa Baemime.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 2:11
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ka selemo sa leshome le metso e mene, Kedorlaomere a tla le marena a nang le yena, mme ba hlola ba Refaime Ashterothe-Karnaime, le Bazuzime Hame, le Baemime Shave-Kiryathaime,


Ho ne ho le difontwane tsa batho lefatsheng mehleng eo, hobane bara ba Modimo ba tle ho baradi ba batho, mme ba ba tswalle bana; ke tsona dinatla tsa boholoholo, tse mabitso a tumileng.


Yaba Jishbi-Benobe, wa mofuta wa Barefaime eo lerumo la hae le neng le na le boima ba dishekele tse makgolo a mararo tsa koporo, ya ikgahlotseng le ka sabole e ntjha, a re o bolaya Davida.


Ba kena ka nqa borwa, ba fihla Hebrone, moo ho neng ho ahile bana ba Anake, boAkimane, Sheshai, le Talmai. Hebrone o ne a hahilwe dilemo tse supileng, motse wa Tsoane wa Egepeta, o eso ho be teng.


Empa feela, batho ba ahileng naheng eo ke dinatla, mme metse ya teng e haheleditswe ka marako, mme e meholo haholo; esita le bana ba Anake re bile ra ba bona teng.


re bone teng diqhobane, bana ba Anake, ba mofuta wa diqhobane; mahlong a rona, le mahlong a bona, re ne re le jwaloka mehlwanyane feela.


Re tla nyolohela kae? Banababo rona ba re nyahamisitse dipelo, ha ba itse: Ke setjhaba se re fetang ka bongata le ka boemo bo bolelele; ke metse e meholo e haheleditseng ka marako a fihlang lehodimong; re bone bana ba Anake teng.


[Le yona naha eo e ne e tumile, ka ho re, ke naha ya Barefaime; mohla monene Barefaime ba ne ba ahile ho yona; empa Baammone ba ne ba re, ke Basamsummime.


[Hobane Oge, morena wa Bashane, o ne a setse a nnotshi wa mofuta wa Barefaime. Ha ke re, malao a hae, e leng malao a tshepe a ntse a le Rabba, motseng wa bana ba Ammone? Bolelele ba wona ke ditswe tse robileng mono o le mong, mme bophara ba wona ke ditswe tse nne, ha ho lekanngwe ka setswe sa motho.]


Ke setjhaba se seholo, se boemo bo bolelele, ke ditloholo tsa Baanake bao o ba tsebang, bao o utlwileng ha ho thwe: Ho ka ema mang pela bana ba Anake?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ