Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 2:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 [Baemime ba ne ba ahile teng pele; e ne e le setjhaba se seholo, se sengata, se boemo bo bolelele jwaloka ba Baanake.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Ka nako ena e fetileng, Baemime ba ne ba ahile moo. E ne e le setjhaba se seholo, se sengata, sa banna ba balelele jwaloka Baanake.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 2:10
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ka selemo sa leshome le metso e mene, Kedorlaomere a tla le marena a nang le yena, mme ba hlola ba Refaime Ashterothe-Karnaime, le Bazuzime Hame, le Baemime Shave-Kiryathaime,


Yaba Jishbi-Benobe, wa mofuta wa Barefaime eo lerumo la hae le neng le na le boima ba dishekele tse makgolo a mararo tsa koporo, ya ikgahlotseng le ka sabole e ntjha, a re o bolaya Davida.


Ba kena ka nqa borwa, ba fihla Hebrone, moo ho neng ho ahile bana ba Anake, boAkimane, Sheshai, le Talmai. Hebrone o ne a hahilwe dilemo tse supileng, motse wa Tsoane wa Egepeta, o eso ho be teng.


Re tla nyolohela kae? Banababo rona ba re nyahamisitse dipelo, ha ba itse: Ke setjhaba se re fetang ka bongata le ka boemo bo bolelele; ke metse e meholo e haheleditseng ka marako a fihlang lehodimong; re bone bana ba Anake teng.


Le bona ba ne ba tumile, ho thwe, ke Barefaime (diqhobane), jwaloka Baanake; empa Bamoabe ba ne ba ba bitsa Baemime.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ