Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 2:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ra sokoloha, ra leba nqa lefeelleng ka tsela ya Lewatle le Lefubedu, kamoo Jehova a neng a mpoleletse kateng, mme ra potoloha thaba ya Seire ka ditshiu tse telele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 “Jwale ra thinya, ra nka leeto le lebang lehwatateng, ra ya ka tsela ya Lewatle la Lehlaka, jwalokaha Morena a ne a buile ho nna. Ra qeta matsatsi a mangata re ntse re potoloha thaba ya Seire.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 2:1
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baamaleke le Bakanana ba ahile mahwatateng; kgutlang ke hona hosasane, mme le ye feelleng ka tsela ya Lewatle le Lefubedu.


Ba tloha thabeng ya Hore ka tsela ya Lewatle le Lefubedu, ba pota naha ya Edomo. Tseleng, setjhaba sa fellwa ke pelo, mme batho ba bua hampe ka Modimo le ka Moshe, ba re:


Ho tloha Horebe, ho ya fihla Kadeshe-Barnea, ka tsela ya thaba ya Seire, ke matsatsi a leshome le motso o mong.


Haele lona, kgutlang le boele le tsamaye feelleng, ka tsela ya Lewatle le Lefubedu.


le seo a se entseng ka makgotla a Egepeta, le ka dipere tsa bona, le ka makoloi a bona; kamoo a ba apesitseng kateng, ka metsia Lewatle le Lefubedu, mohla ba neng ba le phallela, le kamoo Jehova a ba timeditseng kateng, ho fihlela la kajeno;


Ba ntoo tsamaya feelleng, ba pota naha ya Edomo le naha ya Moabe, ba fihla ka nqa botjhabela ho naha ya Moabe, mme ba emisa mose wane wa Arnone, ba se ke ba tlola moedi wa Moabe, etswe Arnone e le moedi wa Moabi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ