Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 18:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Etlare hobane o kene lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona, o ke ke wa ithuta ho etsa ka manyala a ditjhaba tsa teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 “Ha o fihla naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona, o se ke wa ithuta ho etsa manyala a tshwanang le a etswang ke ditjhaba tseo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 18:9
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba nna ba tjhesa dibano nqalong tsohle tse diphahameng, jwalokaha ho ne ho entse ditjhaba tseo Jehova a di tlositseng pela bona, ba nna ba sebetsa ntho tse mpe ho halefisa Jehova ka tsona;


ba nnile ba tsamaya ka mekgwa ya ditjhaba tseo Jehova a neng a di lelekile pela bana ba Iseraele, le ka eo marena a Iseraele a entseng ka yona.


A tjhesa dibano kgohlong ya bana ba Hinnome, a tjhesa bara ba hae mollong, ka ho ya ka manyala a ditjhaba tseo Jehova a neng a di faladitse pela bana ba Iseraele.


Esita le mahosana wohle a baprista le sona setjhaba, ba nna ba ya ba atisa ditshito tsa bona ka ho ya ka manyala wohle a ditjhaba; mme ba silafatsa ntlo ya Jehova eo a neng a e halaleditse Jerusalema.


Ho itswe ke Jehova: Le se ke la itemaletsa mekgwa ya ditjhaba, le se ke la tshoswa ke dipontsho tsa lehodimo, kahobane ditjhaba di tshoswa ke tsona.


Le boloke melao ya ka, mme le se ke la etsa leha o le mong wa mekgwa e manyala e neng e etswa le eso ho kene, mme le se ke la itshela ditshila ka yona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


hore ba tle ba se ke ba le ruta ho etsa manyala wohle a bona, e leng manyala ao ba a etsetsang medimo ya bona, mme le se sitelwe Jehova, Modimo wa lona.


Etlere ha Jehova, Modimo wa hao, a ba lelekile pela hao, o se ke wa bua pelong ya hao, wa re: Ke ka baka la ho loka ha ka Jehova a nkentseng naheng ena hore ke e rue; athe ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tseo Jehova a tlang ho di falatsa pela hao.


Hase ka baka la ho loka ha hao, leha e le ka baka la bokgabane ba pelo ya hao, o yang ho kena lefatsheng la bona ho le rua; empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tseo Jehova, Modimo wa hao, a tlang ho di falatsa pela hao, a tle a tiise lentswe leo Jehova a le boleletseng bontatao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, ka kano.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ