Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 17:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ekare ha ho hlaha taba e thata, eo o sitwang ho e ahlola mahareng a madi le madi, le mahareng a nyewe le nyewe, le mahareng a leqeba le leqeba, e leng ditaba tse tsekwang metseng ya hao, teng o tla tloha, o nyolohele nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 “Haeba taba e ahlolwang e o imela, e ka ba taba ya polao, kapa ya tsekisano, kapa ya ho ntshana dikotsi, kapa taba efe le efe ya ho se utlwane kahara metse ya lona, o tsamaye, o ye sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 17:8
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Absalome o ne a tsoha e sa le hosasa, a ye ho ema pela tsela e yang kgorong ya motse; motho e mong le e mong ya neng a eya ho morena ka nyewe ya hae kahlolong, Absalome o ne a mo bitsa, a re: Wena nnyeo, o tswa motseng ofe? Eo ha a re: Mohlanka wa hao o tswa lelokong le itseng la Iseraele,


Ho Bajitsehare, Kenania le bara ba hae ba bewa mosebetsing o kantle, ba bewa bahlahlobi le baahlodi Iseraeleng.


Yaba Moshe o re ho mohwehadi wa hae: Ke hobane setjhaba se tla ho nna ho botsa Modimo.


Ba nna ba ahlolela setjhaba kamehla; dinyewe tse thata ba di tlisa ho Moshe, empa dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlola e le bona.


Ekare ha e mong a otla lekgoba la hae la monna kapa la mosadi ka thupa, la eshwa ka letsoho la hae, le tla lefetswa;


Banna ha ba lwana, mme ba thula mosadi wa moimana, mpa e senyeha, a mpa a sa tswe kotsi e isang lefung, ho tla lefshwa tefo e ka bewang ke monna wa mosadi eo, mme e tla lefshwa baahlodi ba le teng.


Ekare ha kgomo e hlaba monna, kapa mosadi, mme eo a eshwa, kgomo e tla tlepetswa ka majwe, mme nama ya yona e ke ke ya jewa; haele monga kgomo, yena ha a na molato.


Ekare ha leshodu le tshwarwa le phunya, mme le bolawa le eshwa, ha ho molato wa madi ho ya le bolaileng.


Ha leshodu le sa fumanwe, monga ntlo o tla atamela pela Modimo, hore ho bonwe hore na ha a ka a isa letsoho mesebetsing ya wa habo na.


Dinyeweng ba tla ema, ba ahlole ka dikahlolo tsa ka, ba ahlole jwalo; meketeng ba tla boloka melao ya ka le dikomelo tsa ka, ba halaletse Disabatha tsa ka.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, botsa hle baprista hodima molao, o re:


Hobane melomo ya moprista e tshwanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batlwe molomong wa hae, hobane ke lenqosa la Jehova wa makgotla.


le tla ikgethela metse eo e tla ba metse ya setshabelo ho lona, moo ho tla balehela mmolai ya bolaileng motho, e seng ka boomo.


Ha motho a otla ngwanabo ka ntho ya tshepe, mme a eshwa, ke mmolai; mmolai a otlwe ka ho bolawa.


Le se ke la ya ka tshobotsi ya motho dikahlolong tsa lona; hape, le mamele e monyenyane le e moholo; le ke ke la tshaba motho le a mong, hobane kahlolo ke ya Modimo. Ha taba e le teng e le sitang, e tliseng ho nna, ke tle ke e utlwe.


Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.


Empa o tla hlahisa ditjheso tsa hao nqalong eo Jehova a tla e kgetha lelokong le leng la heno, mme, teng o etse tsohle tseo ke o laelang tsona.


Le mpe le batle bodulo ba hae nqalong eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha hara meloko ya lona yohle ho bea lebitso la hae teng, mme o ye teng.


batho ba babedi ba nang le nyewe hammoho, ba tla hlaha pela Jehova, pela baprista le baahlodi ba leng teng mehleng eo;


Haele mmolai ya ka balehelang teng ho boloka ho phela ha hae, ha e ke e be ya tshohileng a bolaya wa habo a sa rate, eo a neng a sa mo hloya maoba le maobane.


Baprista, bara ba Levi, ba tla atamela; hobane ke bona ba kgethilweng ke Jehova, Modimo wa hao, hore ba mo sebeletse le ho hlohonolofatsa ka lebitso la Jehova, le hore dinyewe tsohle le dikotsi tsohle di ahlolwe ke melomo ya bona.


Etlere ha batho ba bang ba ena le tseko, mme ba etla nyeweng ho tla ahlolwa, ya lokileng a ke a bolelwe hoba o lokile, mme ya molato a tsuwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ