Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 17:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 O se ke wa hlabela Jehova, Modimo wa hao, kgomo, leha e le nku, e nang le sekodi kapa molato o mong; hobane hoo ke manyala ho Jehova, Modimo wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 “Le se ke la etsetsa Morena Modimo wa lona, sehlabelo ka kgomo, kapa ka nku e nang le sepha, kapa ka eng le eng e nang le sepha, hobane tse jwalo ke manyala ho Morena Modimo wa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 17:1
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka boela ka bona ho etswa kgomo tse ding tse supileng kamora tsona, e le meketa, di le mpe haholo ha di tadingwa, di otile dinama; ke ne ke eso ho ka ke bona tse mpe hakalo lefatsheng lohle la Egepeta.


E be konyana e se nang sekodi, e tona, ya lemo se le seng; le inkele yona dinkung leha e le dipoding.


Sekala sa bohata se hloilwe ke Jehova, empa tekanyo ya nnete e a mo kgahlisa.


Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke thapelo ya motho ya lokileng.


Diponto tse pedi tsa ho lekanya tse fapaneng, le diefa tse pedi tse fapaneng, ke manyala ho Jehova.


Ho na le ntho tse tsheletseng tse hloilweng ke Jehova; nka re, di supile tseo e leng manyala ho yena:


Ha sehlabelo sa hae e le setjheso sa kgomo, a hlahise e tona e se nang sekodi, a e hlahise monyako wa tente ya pokano, a tle a amohelwe ke Jehova.


Ha le hlahisa ntho e sefofu ho etsa sehlabelo, ha ho molato na? Kapa ha le hlahisa e hlotsang, kapa e kulang, ha ho molato na? E ise he ho mmusi wa hao: na o tla o thabela, kapa a kgahlwe ke wena na? ho botsa Jehova wa makgotla.


Le tla hlahisa setjheso se monko o monate ho Jehova sa pohwana, le pheleu, le dikonyana tse tona tse supileng tse lemo se le seng, tse se nang sekodi.


Empa ekare ha phoofolo eo e na le sekodi, kapa e le sehlotsa, kapa sefofu, mohlomong e na le bohole bo bong, o se ke wa e hlabela Jehova, Modimo wa hao.


O se ke wa hlahisa ka tlung ya Jehova, Modimo wa hao, moputso wa seotswa, leha e le theko ya ntja, bakeng sa kano eo o itlamileng ka yona; hobane ntho tse pedi tseo ke manyala pela Jehova, Modimo wa hao.


monna eo wa pele, ya mo hladileng, a ke ke a boela a mo nka ho mo etsa mosadi wa hae, ha mosadi a se a silafaditswe; hobane hoo ke manyala pela Jehova; lefatshe leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona ho le rua, o se ke wa le jarisa sebe.


Hobane bohle ba etsang tse jwalo, bohle ba etsang ka bokgopo, ba manyala ho Jehova, Modimo wa hao.


Le tla tjhesa ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bona; o se ke wa lakatsa, mme o se ke wa inkela silefera, leha e le kgauta tse ho tsona, esere hoo ya eba sefi ho wena; hobane ke manyala pela Jehova, Modimo wa hao.


ana haele madi a Kreste, ya itlhahisitseng ho Modimo ka Moya wa kamehla yohle, e le pheko e se nang letheba, madi ao a tla hlatswa matswalo a lona hakakang mesebetsing e shweleng, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang!


empa e le ka madi a bohlokwa a Kreste, konyana e se nang letheba le sekodi;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ