Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 16:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O tla hlabela Jehova, Modimo wa hao, Paseka, o mo hlabele dikgomo le dinku tsa hao, nqalong eo Jehova a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Le tla nyehella Morena Modimo wa lona, ka Paseka, sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona; e be dinku le dikgomo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 16:2
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile morena a laela setjhaba sohle, a re: Etsetsang Jehova, Modimo wa lona, Paseka, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ena ya selekane.


Josiase a ntshetsa bana ba setjhaba dikonyana le dipotsanyane tse dikete tse mashome a mararo, ha di balwa; kaofela ha tsona e le ho etsa Paseka ya bohle ba neng ba le teng, le dikgomo tse dikete tse tharo; ntho tseo tsa nkwa maruong a morena.


Bana ba Iseraele a ba ke ba etse Paseka ka nako e beilweng.


Ka letsatsi le qalang mokete wa mahobe a se nang ditomoso, barutuwa ba tla ho Jesu, ba re ho yena: O rata ha re o lokisetsa kae Paseka, moo o ka e jelang teng?


Le a tseba hobane matsatsi a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka; mme Mora motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong.


Ka letsatsi la pele la mokete wa mahobe a se nang ditomoso, e leng leo ho hlajwang Paseka ka lona, barutuwa ba hae ba re ho yena: O rata ha re ya o lokisetsa kae, o tle o je Paseka?


A re ho bona: Ke lakaditse haholo ho ja Paseka ena le lona, ke eso ho utlwe bohloko.


Jesu a roma Petrose le Johanne, a re: Eyang, le re lokisetse Paseka, re tle re e je.


A le ke le tlose ho lona ditomoso tsa kgale, le tle le be hlama e ntjha, haele moo le le ba sa lomoswang; hobane Paseka ya rona, e leng Kreste, e hlabetswe rona.


Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.


Empa o tla hlahisa ditjheso tsa hao nqalong eo Jehova a tla e kgetha lelokong le leng la heno, mme, teng o etse tsohle tseo ke o laelang tsona.


empa ke pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha, o tla ja tseo, wena, le mora wa hao, le moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona le e motshehadi, le Molevi ya menyakong ya hao, mme o tla nyakalla pela Jehova, Modimo wa hao, ka tsohle tseo o di ruileng ka matsoho a hao.


Empa haele dintho tseo o tla rata ho di kgethela Modimo, le tseo o tla di hlahisa hodima dikano tsa hao, o tla di nka, o ye le tsona, nqalong eo Jehova a tla e kgetha.


Le mpe le batle bodulo ba hae nqalong eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha hara meloko ya lona yohle ho bea lebitso la hae teng, mme o ye teng.


Ka selemo se seng le se seng, a jewe ke wena le ke ba ntlo ya hao, pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo Jehova a tla ikgethela yona.


Elellwa kgwedi ya Abibe, mme o etsetse Jehova, Modimo wa hao, Paseka ka yona; hobane ke ka kgwedi ya Abibe, Jehova, Modimo wa hao, a o ntshitseng naheng ya Egepeta bosiu.


O se ke wa jellela Paseka le bohobe bo lomositsweng; ka matsatsi a supileng, o je mahobe a sa lomoswang, mahobe a mahlomola; kahobane o tswile naheng ya Egepeta ka potlako; o tle o hopole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao letsatsi leo o tswileng naheng ya Egepeta ka lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ