Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 15:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Iponele, kgopolo ya bolotsana e se ke ya eba teng pelong ya hao ya ho re: Selemo sa bosupa, selemo sa teselo, se atametse; mme mahlo a hao a se ke a hauhela ngwaneno ya fumanehileng, o sa mo fe letho, mme yena a ka bitsa ho Jehova ka baka la bothata ba hao, mme sebe se eba teng ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Itlhokomeleng, esere ka dipelong tsa lona la ba le mehopolo e mebe, la re: ‘Selemo sa bosupa, e leng selemo sa ho leballana melato, se atametse;’ ebe ngwanabo lona ya hlokang le mo tadima ka leihlo le lebe, ha le mo nee letho. Jwale o tla lla ka lona ho Morena, mme e tla ba le entse sebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 15:9
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ba nyoloseditse mehoweletso ya basenyehi ho wona, mme o utlwile dillo tsa bahlomohi.


Nke ke ka bea letho le lebe pela mahlo a ka; ke ntse ke hloile mesebetsi ya batlodi; e ke ke ya nkgomarela.


Ka baka la tsietsi ya bafumanehi, le la masisapelo a basenyehi, ke tla tsoha hona jwale, ho bolela Jehova, mme ke tla fa thuso ho ba hloriswang.


hobane yena mophetetsi wa madi o a di hopola, hobane ha a lebale mohoweletso wa ba madimabe.


Le se ke la tshwenya mosadi wa mohlolohadi, leha e le kgutsana.


Ekare ha o ba tshwenya, mme ba tla, ba howeletsa ho nna, ke tla mamela mehoeletso ya bona;


Jehova a re: Ke bone, ke bontshisitse ho tshwenyeha ha tjhaba sa ka Egepeta; ke utlwile ho meketsa ha bona bakeng sa batubi ba bona, hobane ke tseba mahlomola a bona.


Ya nyedisang wa habo o etsa sebe; empa ho lehlohonolo motho ya leng molemo ho mofutsana.


Ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa dillo tsa mosenyehi, o tla lla le yena, empa a ke ke a lemohuwa ke motho.


O se ke wa ja bohobe ba lekgonatha, o se ke wa lakatsa tse monate tsa lona.


Morero wa lewatla ke sebe, mme mosomi ke manyala ho batho.


Motho ya mahlo a honohelang o phallela leruo, athe ha a tsebe hoba bofuma bo ya mo wela hodimo.


Boloka pelo ya hao ka ho fetisisa, hobane ke yona mehlodi ya bophelo.


Ke nna Jehova ke lekolang pelo, ke lekang matheka, ke tle ke busetse ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana ya diketso tsa hae.


Ho feleng ha dilemo tse supileng, le ke le lesele e mong le e mong ngwanabo wa Moheberu ya ithekisitseng ho lona; a ne a le sebeletsa ka dilemo tse tsheletseng, le ntoo mo lesela a ikele; empa bontata lona ha ba ka ba nkutlwa, ha ba ka ba sekeha tsebe.


Hobane mehopolo e mebe, dipolao, dipoko, mafebe, dikutso, diketselletso, le dinyefolo, di tswa pelong;


Kapa ha ho a ntokela ho etsa ka ntho tsa ka kamoo ke ratang kateng, na? Kapa leihlo la hao le mona kahobane ke le molemo na?


Selemong sa bosupa se seng le se seng o tla etsa teselo.


Ha letsatsi le eso ho dikele o tle o mo nee moputso wa hae wa letsatsi leo a sebeditseng ka lona; hobane ke mofumanehi, mme pelo ya hae e lebeletse moputso; o mo nee, esere mohlomong a howeletsa ho Jehova ka baka la hao, mme sebe sa eba teng ho wena.


Moshe a ba laela, a re: Qetellong ya dilemo tse supileng, ka selemo sa teselo, moketeng wa Metlotlwane,


Efela ya tsebang ho etsa botle, mme a sa bo etse, yena o etsa sebe.


Na le lekanya hoba Lengolo le bolela lefeela na? Moya o ikahetseng ho rona na o re isa mohonong na?


Bonang, moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le o jeleng o ntse o howeletsa; mme dillo tsa bakotudi bao di fihlile ditsebeng tsa Morena wa makgotla.


Banabeso, le se ke la beana melato, hore le se ke la ahlolwa. Bonang, moahlodi o eme pela monyako.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ