Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 14:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hobane o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao, mme Jehova o o kgethile hara ditjhaba tsohle tse lefatsheng hore o tle o be setjhaba sa hae sa sebele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Le setjhaba se halalelang sa Morena Modimo wa lona. Morena o le kgethile hara ditjhaba tsohle tse teng lefatsheng, hore le be setjhaba sa hae.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 14:2
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke mona ba nyetse baradi ba bona, ba ba nyadisitse le bara ba bona, mme mofuta o halalelang o se o itswakantse le ditjhaba tsa naha tseo. Boikgantsho boo bo qadilwe ke dihlooho le bahlahlobi.


wena eo ke o nkileng kgutlelong ya lefatshe, mme ka o lata pheletsong ya lona, ka re ho wena: O mohlanka wa ka; ke o kgethile, mme ha ke a ka ka o lahla;


Leha e mong a ka sala ho ba leshome ho bona, le yena o tla be a jewe; empa jwalokaha difate tsa terebinthe le tsa eike, ereha di remilwe, ho sala kutu e tla hlomela, ka mokgwa o jwalo, kutu ya setjhaba sena e tla hlomela lesika le halalelang.


Ba tla bitswa setjhaba se halalelang, balopollwa ba Jehova, mme wena, o tla bitswa motse o hlokwang haholo, o sa kang o tlohelwa.


Iseraele e ne e le ntho e kgethehileng ho Jehova, dithakangwaha tsa leruo la hae; ba mo jang bohle ba ne ba na le molato, ba ne ba hlahelwa ke bobe, ho bolela Jehova.


Mora motho, retelletsa sefahleho sa hao nqa Jerusalema, o rothisetse nqalo tse halalelang lentswe la hao, o porofetele naha ya Iseraele.


Ka utlwa motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka, ha a emisetsa letsoho le letona le letsoho le letshehadi lehodimong, a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, a re: Ho setse nako e le nngwe, le dinako, ho isa mahareng a nako e nngwe; etlare ha qhalanyo ya setjhaba e fela, hoo hohle ho tla etsahala.


matla a hae a tla eketseha, empa e ke ke ya eba ka matla ao e leng a hae, mme o tla hlahisa ditshenyo tse makatsang, a atlehe, a etse, a timetse dinatla le setjhaba sa bahalaledi.


Hobane ke nna Jehova ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Halalelang ke hona, hobane ke a halalela.


Bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, o re ho bona: Halalelang, hobane ke a halalela, nna Jehova, Modimo wa lona.


Ke le boleletse, ka re: Ke lona le tlang ho rua naha ya tsona, mme ke tla le fa yona, e be ya lona; ke naha e kollang lebese le dinotshi. Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le kgaohantseng le ditjhaba.


Kgethehelang nna, hobane ke kgethehile, nna, Jehova, mme ke le kgaohantse le ditjhaba, le tle le be ba ka.


Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela hle ka mehauhelo ya Modimo, hore le ke le o beele mmele ya lona, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se kgahlisang Modimo; ke yona tshebeletso e le tshwanetseng.


Le se ke la ja nama ya tse itjhweletseng; o mpe o e nee moditjhaba ya menyakong ya hao, a e je; mohlomong o reke ho moditjhaba ka yona; hobane wena o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao. O se ke wa hladiya potsanyane lebeseng la mma yona.


Jehova o tla o bea hore o be setjhaba se kgethehilweng, jwalokaha a o anetse, ha o ka boloka ditaelo tsa Jehova, Modimo wa hao, wa tsamaya tseleng tsa hae.


Efela o rata ditjhaba; bakgethwa ba hae kaofela ba letsohong la hao; ba dula maotong a hao, ba amohela ditaba tsa hao.


Haele lona, Jehova o le nkile, mme o le ntshitse Egepeta, seboping sa tshepe, hore le be setjhaba sa hae ka sebele, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Hobane o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao; Jehova, Modimo wa hao, o o kgethile hore o be setjhaba sa hae sa sebele, hara ditjhaba tsohle tse lefatsheng.


Hase kahobane le fetisa ditjhaba tse ding ka bongata Jehova a le ratileng, a le kgethileng; hobane le setjhaba se senyenyane ho ditjhaba tsohle.


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ