Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 13:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Empa moporofeta eo, kapa molori eo wa ditoro, o tla bolawa, kahobane a boletse tsa ho fetohela Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ya o lopolotseng tlung ya bohlanka; o ratile ho o faposa tsela eo Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho tsamaya ka yona. O tlose bobe ha eno jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Ha e le moporofeta eo, kapa molori eo, a bolawe, hobane o rutile setjhaba ho fetohela Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ya le lopolotseng moo le neng le le makgoba teng. O le kgelosa tsela eo Morena Modimo wa lona, a laetseng hore le tsamaye ka yona. Tlosang ke hona bokgopo boo hara lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 13:5
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile moo a kgutlang le yena, a ja bohobe, a nwa metsi.


Ebile Elia o re ho bona: Tshwarang baporofeta ba Baale, ho se ke ha tlola le a mong. Ba ba tshwara, mme Elia a ba theosetsa molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela teng.


morena a ema tulong tsa hae, a hlaba selekane pela Jehova, sa ho latela Jehova le sa ho boloka ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le dikomelo tsa hae, ka pelo yohle ya hae le ka moya wohle wa hae, sa ho re, o tla etsa ka dipolelo tsa selekane tse ngodilweng bukeng ena.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova bakeng sa baporofeta bao ba porofetang ka lebitso la ka, kanthe ke sa ka ka ba roma, ba re: Lerumo le tlala ha di ka ke tsa eba teng lefatsheng lena; baporofeta bao ba tla timetswa ke lerumo le ke tlala.


ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla kgalemela Shemaia, Monehelame, le leloko la hae; ha ho sa tla ba motho wa hae ya ahang hara setjhaba sena; ha a tla ke a bona molemo oo ke tla o etsetsa setjhaba sa ka, ho bolela Jehova, hobane o bile a bolela hore ho kwenehelwe Jehova.


Setjhaba sa ka e ne e le mohlape wa dinku tse lahlehileng; badisa ba tsona ba ne ba di kgelosa, ba di sepedisa dithabeng le marallaneng, tsa ba tsa lebala lesaka la tsona.


Empa ke yona taba eo ke ba laetseng yona, ka re: Le nne le mamele lentswe la ka, mme ke tla ba Modimo wa lona, lona le be setjhaba sa ka, le tsamaye mehlaleng yohle eo ke le laelang yona, le tle le hlohonolofale.


Ha ho ka ba e mong ya sa ntseng a porofeta, ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla re ho yena: O ke ke wa phela, hobane o boletse leshano ka lebitso la Jehova! Mme ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla mo hlaba, ka baka la ho porofeta ha hae.


Empa Elimase — ke ho re, senohe, ha lebitso la hae le fetolwa — a ba hanyetsa, a leka ho kgelosa mmusisi tumelong.


Haele ba kantle, Modimo ke wona o tlang ho ba ahlola. Tlosang e mobe hara lona.


O mo tlapunye ka majwe, a shwe; kahobane a ratile ho o tlosa ho Jehova, Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, tlung ya bohlanka.


teng o bolaye ruri ba ahileng motseng oo ka bohale ba lerumo, mme o o neele anathema, le dintho tsohle tse ho wona; esita le dikgomo tsa teng di bolawe ka bohale ba lerumo.


o mpe o mmolaye ruri; letsoho la hao e be lona le emang pele hodima hae ho mmolaya, e ntoo ba matsoho a setjhaba kaofela.


ntsha monna eo, kapa mosadi eo, ya entseng taba eo e mpe, o mo ise dikgorong tsa hao; mme kapa e leng monna, kapa e leng mosadi, o tle o mo tlepetse ka majwe, a shwe.


Matsoho a dipaki e be wona a bewang pele hodima hae ho mmolaya, e ntano ba matsoho a batho bohle. Tlosa bobe haeno jwalo.


Empa haele moporofeta ya ipeang ka boikgohomoso hore a bolele ka lebitso la ka taba eo ke sa kang ka mo laela yona hore a e bolele, leha mohlomong a bua ka lebitso la medimo esele, moporofeta eo a shwe.


moo le tla etsa ho motho eo jwalokaha a ne a hopotse ho etsa ho ngwanabo. Tlosa bobe haeno jwalo.


ba tla ntsha morwetsana, ba mo tlise pela monyako wa ntlo ya ntatae, mme batho ba motse oo ba tla mo tlapunya ka majwe, a shwe, kahobane o entse manyala Iseraeleng, ka ho ineela bohlola tlung ya ntatae. Tlosa bobe haeno jwalo.


moo le tla ba ntsha ba babedi, le ba ise kgorong ya motse, mme le ba tlapunye ka majwe, ba shwe: morwetsana, kahobane ha a ka a memetsa a le motseng, monna, kahobane a sentse mosadi wa ngwanabo. Tlosa bobe haeno jwalo.


Ekare ha o fumana motho ya utswitseng e mong wa banababo, e mong wa bana ba Iseraele, mme a mo entse lekgoba, kapa a rekile ka yena, leshodu leo le ke le shwe; ho tloswe bobe haeno jwalo.


Ha ke a ka ka di ja bofifing ba ka; ha ke a ka ka nka letho ho tsona hore ke etse taba e ditshila, mme ha ke a ka ka di neela mofu. Ke bolokile lentswe la Jehova, Modimo wa ka, ke entse ka tsohle tseo o ntaetseng tsona.


Esebe mohlomong, ha o emisetsa mahlo a hao lehodimong, mme o bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng makgotla wohle a mahodimo, wa dumela ho kgumama pela tsona, le ho di sebeletsa; athe ke ntho tseo Jehova, Modimo wa hao, a di abetseng ditjhaba kaofela, tse katlasa mahodimo wohle.


Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o ane ka lebitso la hae.


hobane bara ba hao ba ka kgeloswa ke bona, hore ba ntlohele, mme ba sebeletse medimo esele, mme kgalefo ya Jehova e ka le tukela, a o fedisa hang.


Le mpe le kgomarele Jehova, Modimo wa lona, jwalokaha le entse ho fihlela kajeno.


Mme sebata sa tshwarwa, mme hammoho le sona ha tshwarwa moporofeta wa bohata ya neng a etsa mehlolo pela sona, eo a kgelositseng ka yona ba nkileng letshwao la sebata le ba rapetseng setshwantsho sa sona.


Jwale, re neeleng batho bao ba Gibea, bana ba Beliale, re tle re ba bolaye, re hlakole bobe Iseraeleng. Empa Babenjamine ba hana ho utlwa mantswe a banababo bona, bana ba Iseraele.


Ha le ka tshaba Jehova, la mo sebeletsa, la mamela lentswe la hae, le sa ikgantshetse molomo wa Jehova, le tla nne le latele Jehova, Modimo wa lona, lona le morena ya le busang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ