Hobane Jehova o tla otla Baiseraele, ba be jwaloka lehlaka ha le tsokotswa metsing; o tla qotsula Baiseraele fatsheng lena le molemo, leo a le neileng bontata bona, a ba qhalanyetse mose wane wa noka, kahobane ba iketseditse diashera, ba phepheditse kgalefo ya Jehova kahoo.
Le qhaqhe dialetare tsa tsona, le bolaye ditshiya tsa tsona, le tjhese diashera tsa tsona, le heletse ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya tsona, mme le hlakole mabitso a tsona nqalong tseo.
hore ba tle ba se ke ba le ruta ho etsa manyala wohle a bona, e leng manyala ao ba a etsetsang medimo ya bona, mme le se sitelwe Jehova, Modimo wa lona.