Deuteronoma 12:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)3 Le qhaqhe dialetare tsa tsona, le bolaye ditshiya tsa tsona, le tjhese diashera tsa tsona, le heletse ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya tsona, mme le hlakole mabitso a tsona nqalong tseo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE3 Le heletse dialetare tsa tsona, le thue difika tsa tsona tseo di di kgumamelang. Le tjhese le ditshwantsho tsa tsona tsa Ashera. Ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya tsona le di rathake, le fedise mabitso a tsona dibakeng tseo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Eitse hobane tseo kaofela di fele, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba tloha, ba ya metseng ya Juda; ba robaka ditshwantso, ba heletsa diashera, ba qhaqha dinqalo tse diphahameng, le dialetare naheng yohle ya Juda le ya Benjamine, le ya Efraime le Manasse, ba ba ba qetedisisa; bana ba Iseraele ba ntoo kgutlela metseng ya bona, e mong le e mong ha hae.
Ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa puso ya hae, a sa ntsane a le motjha, a qala ho batla Modimo wa Davida ntatae; mme ka lemo sa leshome le metso e mmedi, a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema ka ho tlosa dinqalo tse diphahameng, le diashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse tsholotsweng.