Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 12:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Le tla fedisisa nqalo tsohle tseo ditjhaba tseo le yang ho di falatsa ha tsona di sebeleditseng medimo ya tsona teng, dithabeng tse telele, le maralleng, le tlasa difate tsohle tse tala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Le fedise dibaka tsohle moo ditjhaba tseo le tlang ho di falatsa di neng di sebeletsa medimo ya tsona teng, tse hodima dithaba, le tse hodima maralla, le tse katlasa difate tsohle tse talana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 12:2
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane le bona ba iketsetsa nqalo tse diphahameng le ditshwantsho le diashera, maralleng wohle a phahameng le tlasa difate tsohle tse tala.


Batho ba ne ba ntse ba hlabela nqalong tse diphahameng, hobane mohlang oo, ntlo e be e eso ho hahelwe lebitso la Jehova.


Yaba setjhaba sohle sa naha se kena ka tlung ya Baale, sa e qhaqha; dialetare le ditshwantsho tsa teng ba di robaka dikoto, ba di qeta; ba bolaya le Matthane, moprista wa Baale, pela dialetare. Moprista a ntoo bea bahlahlobi hodima ntlo ya Jehova.


a nna a hlaba mahlabelo, a tjhesa dibano nqalong tse diphahameng, le maralleng, le tlasa difate tsohle tse tala.


Le nqalong tse diphahameng tse pela Jerusalema, ka ho le letona ho thaba ya Tahleho, tseo Salomone, morena wa Iseraele, a neng a di hahetse Ashtarothe, manyala a Basidone, le Kemoshe, manyala a Moabe, le Milkome, mayala a bana ba Ammone, tsa silafatswa ke morena.


ba baka bohale ba wona ka dinqalo tsa bona tse diphahameng, le poulelo ya wona ka ditshwantsho tsa medimo ya bona.


o se ke wa ba wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho ya ka diketso tsa yona, o mpe o e fedisetse ruri, mme o robakisise ditshwantsho tsa yona.


Leha o ka re ho nna, le tshepile Jehova, Modimo wa lona, hleka hase yena eo Esekiase a tlositseng nqalo tsa hae tse diphahameng le dialetare tsa hae, a re ho Juda le ho Jerusalema: Le tla kgumama pela aletare ena, na?


Jwalokaha ba hopola bana ba bona, ba hopola dialetare tsa bona jwalo le diashera tsa bona pela difate tse mahlaku, marallaneng a maleletsana.


Hobane e se e le kgale o robile joko ya hao, o lokolotse ditlamo tsa hao, wa re: Ha ke sa tla sebeletsa. Ke moo o ineetseng bootswa marallaneng wohle a phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku.


Feela o ipolele bokgopo ba hao, hobane o kwenehetse Jehova, Modimo wa hao, o nnile wa mathela ka nqa tsohle ho medimo ya ditjhaba, katlasa difate tsohle tse mahlaku; le mpa le sa ka la mamela lentswe la ka, ho bolela Jehova.


Emisetsa mahlo a hao marallaneng, o tadime; ke ha e le kae moo o sa kang wa feba teng na? O ne o ntse o ba duletse ditseleng jwaloka Moarabe ya lefeelleng, mme wa silafatsa lefatshe ka bootswa ba hao le ka bolotsana ba hao.


Mehleng ya morena Josiase, Jehova a re ho nna: Na o bone seo Iseraele mokwenehi a se entseng? O ile le dithaba tsohle tse phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku, a nna a feba teng.


Hlorong tsa dithaba ba etsa mahlabelo, hodima maralla ba tjhesa dibano, tseo ba di etsa katlase ho eike le poplare le terebinthe, hobane moriti wa tsona o monate. Ke ka baka leo baradi ba lona ba iketsang diotswa, le dingwetsi tsa lona di etsang bofebe.


Hosasane, Balake a nka Balaame, a mo nyolosetsa Bamothe-Baale; ha a le teng, Balaame a bona karolo ya ho qetella ya setjhaba sa Iseraele.


Empa seo le tshwanetseng ho ba etsa sona, ke sena: Le qhaqhe dialetare tsa bona, le bolaye ditshiya tsa bona, le reme diashera tsa bona, le tjhese ditshwantsho tsa bona tse betlilweng.


Ka re: Le lona le se ke la etsa selekane le ba ahileng fatseng lena, le mpe le heletse dialetare tsa bona. Empa ha le a ka la mamela lentswe la ka; le etseditseng jwalo?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ