Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 10:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mohlang oo, Jehova a kgetha leloko la Levi ho jara areka ya selekane sa Jehova, le ho ema pela Jehova, le ho mo sebeletsa, le ho hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la hae, ho fihlela la kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Ka yona nako eo Morena a khetha ba morabe wa Levi, hore ba jare areka ya selekane sa Morena, ba eme kapele ho Morena, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse ka lebitso la hae ho fihlela kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 10:8
39 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baprista ba ntoo tlisa areka ya selekane sa Jehova tulong ya yona, sehalalelong sa ntlo, e leng sehalaledisiso, tlasa mapheo a dikerubime.


Yaba Davida o re: Ha ho ya tshwanetseng ho jara areka ya Modimo haese Balevi; hobane ke bona bao Jehova a ba kgethileng hore ba jare areka ya Modimo le ho etsa tshebeletso ya yona ka ho sa feleng.


Ke ka thuso ya Modimo Balevi ba tsebileng ho jara areka ya selekane sa Jehova; ba ntoo hlaba dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng.


Bara ba Amrame ke Aarone le Moshe; Aarone yena a kgethwa, hore a tle a halaletswe ka ho sa feleng ka kgalalelo e fetisang, e le yena le bara ba hae, mme ba tjhese dibano pela Jehova, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse setjhaba ka lebitso la hae ka ho sa feleng.


haele Balevi, ha ba sa na ho jara tabernakele leha e le mesebetsi yohle ya tshebetso.


Ha ho le jwalo, bara ba ka, le se ke la dieha; ke lona bao Jehova a le kgethileng hore le eme pela hae le ho etsa mosebetsi wa hae, le ho ba basebeletsi ba hae le ba mo tjhesetsang dibano.


Baprista le Balevi ba ema, mme ba hlohonolofatsa setjhaba; mantswe a bona a utluwa, mme merapelo ya bona ya fihla bodulong bo kgethehileng ba Jehova mahodimong.


Bonang, le boke Jehova, lona bahlanka ba Jehova kaofela, ba emang le bosiu ka tlung ya Jehova!


Emisetsang sehalalelo sa hae matsoho a lona, le boke Jehova!


ba emang ka tlung ya Jehova, mabaleng a ntlo ya Modimo wa rona!


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Ha o boela ho nna, ke sa tla be ke o kgutlise, o tle o eme pela ka; ha o kgetha se leng setle ho se leng sebe, o sa tla ba jwaloka molomo wa ka. Bona ba tla boela ho wena, empa wena, o se ke wa boela ho bona.


Ba tla tshwara tshebeletso ya ka sehalalelong sa ka, e be balebedi ba menyako ya ntlo ya ka, le ba etsang tshebeletso ya ntlo; ba tla hlaba ditjheso le mahlabelo a setjhaba, mme ba tla ema pela bona ho ba etsetsa tsa tshebeletso ena.


Haele baprista ba Balevi, bara ba Tsadoke, ba bolokileng tseo ke di beileng sehalalelong sa ka, ha bana ba Iseraele ba ne ba nkgelohile, bona ba tla atamela pela ka ho etsa tshebeletso ya ka, ba eme pela sefahleho sa ka ho bea mafura le madi pela ka: ho bolela Morena Jehova.


A mo rwesa moqhwele hloohong, mme moqhweleng, kapele ho wona, a hloma diadema ya kgauta, e leng lebenyane le kgethehileng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Aarone a otlollela matsoho a hae ka nqa setjhabeng, a se hlohonolofatsa; a ntoo theoha ha a se a qetile sehlabelo sa sebe, le setjheso, le sehlabelo sa teboho.


Ba ne ba baballa areka, le tafole, le kandelare, le dialetare, le mesebetsi ya sehalalelo, eo ho etswang tshebeletso ka yona, le lesira, le tsona dintho tse yang le lona.


Ba tla boloka tse beilweng ho yena, le tse beilweng ho phutheho yohle,


Etlare ha phutheho e tloha, mme Aarone le bara ba hae ba qetile ho phutha dintho tsa sehalalelo le mesebetsi yohle ya sehalalelo, bara ba Kehathe ba tla kena ho di jara. Ba se ke ba ama dintho tse kgethehileng, ba se tshohe ba eshwa. Ke eo phahlo ya bara ba Kehathe ho tsa tente ya pokano.


Hase lona le nkgethileng, ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, mme le behe, mme ho beha ha wona ho tiye, e leng hore tsohle tseo le ka di qelang ho Ntate ka lebitso la ka, a le fe tsona.


Ha ba ntse ba sebeletsa Morena, ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: Nkgetheleng Barnabase le Saule, ba ye mosebetsing oo ke ba bileditseng wona.


Ke le Pauluse, mohlanka wa Jesu Kreste, ya bitsitsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,


ya abetsweng tshebeletso, a tiye tshebeletsong; ya rutang, a tiye ho ruteng;


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,


Empa mohla ho kgahlileng Modimo, o neng o nkgethe ke sa le mpeng ya mme, wa ba wa mpitsa ka mohau wa wona,


Haele motho ya etsang ka boikgohomoso, ya hanang ho utlwa moprista ya emeng hona teng ho sebeletsa Jehova, Modimo wa hao, kapa moahlodi, motho eo a shwe, mme o tlose bobe Iseraeleng.


Hobane Jehova, Modimo wa hao o mo kgethile hara meloko ya hao yohle, hore a eme pela hae ho sebetsa ka lebitso la Jehova, e le yena le bara ba hae kamehla.


Ha ho tsebilwe motse o leng haufi le motho ya bolailweng, baholo ba motse oo ba tla nka kgomo ya sethole eo ho esong ho sebetswe ka yona, e esong ho hule jokong;


Baprista, bara ba Levi, ba tla atamela; hobane ke bona ba kgethilweng ke Jehova, Modimo wa hao, hore ba mo sebeletse le ho hlohonolofatsa ka lebitso la Jehova, le hore dinyewe tsohle le dikotsi tsohle di ahlolwe ke melomo ya bona.


Moshe a ngola molao ona, mme a o nea baprista, bana ba Levi, ba jarang areka ya selekane sa Jehova, le baholo bohle ba Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ