34 Jehova a utlwa modumo wa dipolelo tsa lona, a halefa, a hlapanya, a re:
34 “Morena o ile a utlwa dipolelo tsa lona, a halefa, mme a ikana, a re:
Modimo ha o bona hoo, wa halefa haholo, wa tenwa hampe ke Iseraele.
Ke moo ke hlapantseng bohaleng ba ka, ka re: Ba ke ke ba ba ba kena phomolong ya ka!
Feela, ka ba emisetsa letsoho la ka nahathothe, ka re: Ha nka ke ka ba isa naheng eo ke ba neileng yona, e kollang lebese le dinotshi, e leng e ntlentle hara dinaha tsohle;
Mme bonang, le tlile ho ema bakeng sa bontata lona jwaloka mahlomela a batho ba babe, le tle le boele le totisetse Iseraele bohale ba Jehova.
Mme ke ho bomang o kileng wa hlapanya hore ba ke ke ba kena phomolong ya wona, haese ho ba ikgantshitseng?