Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Jehova, Modimo wa bontata lona, a boele a le atise hape ha sekete ho feta kamoo le leng kateng, mme a le hlohonolofatse, jwalokaha a le boleletse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Morena Modimo wa bo-ntata lona, a ke a le eketse hasekete, a le hlohonolofatse jwalokaha a ile a le tshepisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 1:11
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ntoo mo isa kantle, a re: Lelala jwale, o tadime mahodimo, o bale dinaledi, ha ekaba o ka di bala. Yaba o re ho yena: Ditloholo tsa hao di tla ba kalo.


ho hlohonolofatseng ke tla o hlohonolofatsa, mme ho atiseng ke tla atisa moloko wa hao, o be ka ka dinaledi tsa mahodimo le lehlabathe le lebopong la lewatle, mme moloko wa hao o tla rua dikgoro tsa dira tsa wona.


Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao, di be ka ka dinaledi tsa lehodimo; dinaha tsena kaofela ke tla di nea ditloholo tsa hao, mme ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofalla molokong wa hao,


Modimo wa ntatao o o thusitseng, Ya matla wohle ya o hlohonolofaditseng ka mahlohonolo a lehodimo le o okametseng, le ka mahlohonolo a bodiba bo dutseng katlase, le ka mahlohonolo a matshwele le a popelo.


Joabe a re ho morena: Jehova, Modimo wa hao, a ke a atise setjhaba, se ke se fete boholo ba sona ba jwale halekgolo, mahlo a morena, monga ka, a be a bone; empa morena, monga ka, o lakaletsang ntho eo?


Joabe a re: Jehova a ke a atise setjhaba, se ke se fete bongata ba sona ba jwale halekgolo! Oho, morena, monga ka, ha ke re, kaofela ha bona ke bahlanka ba monga ka na? Ke ka baka lang ha monga ka a batla hoo? Na o rata keng ho bea molato hodima Baiseraele?


Hopola Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, bahlanka ba hao, bao o ba hlapanyeditseng ka wena, wa re ho bona: Ke tla atisa ditloholo tsa lona, di be ka ka dinaledi tsa mahodimo, ke nee ditloholo tsa lona lefatshe lohle leo ke le boletseng, mme di le rue ka ho sa feleng.


Ka o atisa ka dikete, jwaloka jwang ba naha; wa hola, wa tiya, wa fihla botleng bo phethehileng; wa tswa diolamolora, moriri wa hao wa mela o le mongata; empa o ne o ntse o le feela, o hlobotse.


Modimo wa re ho Balaame: O ke ke wa ya le bona, mme o ke ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonolofaditswe.


Ke ka mokgwa o jwalo ba tla bea lebitso la ka hodima bana ba Iseraele, mme nna ke tla ba hlohonolofatsa.


Jehova, Modimo wa lona, o le atisitse, mme ke mona kajeno le le ka ka dinaledi tsa lehodimo ka bongata.


Nka jara jwang ke nnotshi phahlo ya lona, le boima ba lona, le ditseko tsa lona?


Bonang, ke beile lefatshe pela lona; kenang, mme le rue lefatshe leo Jehova a anetseng bontata lona, Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla le nea bona le ditloholo tsa bona kamora bona.


Bontatao ba ne ba theohetse Egepeta, ba le mashome a supileng, mme jwale Jehova, Modimo wa hao, o o atisitse, o bile o o entse bongata bo ka ka dinaledi tsa lehodimo.


Le tla sala le se bakae, leha pele le ne le le ka ka dinaledi tsa lehodimo ka bongata; kahobane o tla be o hanne ho utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ